Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




2 Samuele 7:14 - BIBELE

14 Ke tla ba ntatae, mme yena e be mora wa ka, empa haeba a ka etsa bokgopo, ke tla mo otla ka thupa e kgalemelang bana, le ka meupa eo batho ba e shapang bana ba bona.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

14 ke tla ba ntatae, yena e be mora ka. Ha a ka kgeloha, ke tla mo shapa ka thupa ya batho le ka phafa ya bana ba batho;

Ver Capítulo Copiar




2 Samuele 7:14
19 Referencias Cruzadas  

“ ‘Leha ho le jwalo, ha ke na ho mo amoha mmuso wohle, empa ke tla mo etsa kgosana ka matsatsi wohle a ho phela ha hae, ka baka la Davida, mohlanka wa ka, eo ke ileng ka mo kgetha, hobane a ile a boloka melao ya ka le ditaelo tsa ka.


“Empa haeba wena, kapa bana ba hao, o ka nkwenehela, wa kgaotsa ho ntshebeletsa, mme wa se ke wa boloka melao ya ka le ditaelo tsa ka, tseo ke o laetseng tsona, yaba o sebeletsa medimo e meng, o a e kgumamela,


Ke tla ba ntatae, yena e be mora wa ka. Feela nke ke ka kgaotsa ho mo rata jwalokaha ke ile ka kgaotsa ho rata ya bileng teng pele ho wena.


Ke yena ya tla nkgahela Tempele. E tla ba mora wa ka, nna ke be ntatae, mme ke tla tsitsisa terone ya hae naheng ena ya Iseraele kamehla.’


“Morena o ile a re ho nna: ‘Solomone, mora wa hao, ke yena ya tla nkgahela Tempele, le mabala a yona, hobane ke mo kgethile hore e be mora wa ka, mme nna ke be ntatae.


“Ho lehlohonolo eo Modimo a mo tshwayang phoso, kahoo se nyatse ha Ya Matla a o kgalema.


Yona e re: “A nke ke phatlalatse taelo ya Morena. “O itse ho nna: ‘O mora wa ka; kajeno ke o tswetse.


Ke na le wena, ke tla o pholosa,” ho rialo Morena. “Le hoja ka tla timetsa ditjhaba tsohle, tjhaba tseo le tletsatletseng hara tsona, wena ha nka ke ka o timeletsa ruri. Leha ke o kgalemela e tla ba ka toka, nke ke ka o tlohela ke sa o otla.”


ha utlwahala lentswe le tswang mahodimong, le reng: “Enwa ke Mora wa ka eo ke mo ratang, ya nkgahlang!”


Empa re a tsuwa, mme re otlwa ke Morena, e le hore re tle re se ke ra ahlolwa mmoho le lefatshe.


Ke tla ba ntata lona, mme le tla ba bara le baradi ba ka,” ho rialo Morena ya matla wohle.


Tsebelang ka dipelong tsa lona hore, jwalokaha ntata a kgalemela mora wa hae, le Morena Modimo wa lona, o le kgalemela jwalo.


Ke lefe la mangeloi leo Modimo a kileng a re ho lona: “O Mora wa ka, kajeno ke o tswetse?” “Kapa a re: “Ke tla ba Ntatae, le yena e be Mora wa ka?”


Ya hlolang e tla ba mojalefa wa tsena; ke tla ba Modimo wa hae, mme yena e be mora wa ka.


“Bohle bao ke ba ratang ke a ba kgalemela, mme ke a ba otla. Tjheseha he, mme o bake.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos