Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




2 Samuele 5:9 - BIBELE

9 Davida a aha qhobosheaneng eo, mme a e bitsa motse wa Davida. Yaba Davida o haha motse o potapotileng qhobosheane eo, ho tloha Milo ho ya qhobosheaneng.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

9 Davida a aha qhobosheaneng, mme a e rea lebitso la motse wa Davida. Davida a haha le lerako le teelang qhobosheane hare, le tlohang Millo, ho ya fihla hare.

Ver Capítulo Copiar




2 Samuele 5:9
16 Referencias Cruzadas  

Leha ho le jwalo, Davida a hapa qhobosheane ya Sione, e leng yona motse wa Davida.


Ka lona letsatsi leo Davida a re: “Mang kapa mang ya ratang ho bolaya Mojebuse, eka kgona a nyolohe ka mosele wa metsi, a bolaye dihlotsa tseno le difofu tseno, e leng tsona dira tse kgolo tsa Davida.” Ke ka hona ba reng: “Difofu le dihlotsa di ke ke tsa kena motseng.”


Yaba Davida o se a tshaba ha areka ya Morena e iswa Motseng wa Davida, mme a e isa tlung ya Obede-Edomo wa Mogate.


Sesosa se neng se etse hore Jeroboame a fetohele kgosi ke sena: Solomone o ne a ntse a haha lerako la Milo, a thiba dikgeo lerakong la Motse wa Davida, ntatae.


Davida a shwa, mme a epelwa Motseng wa Davida.


Kgosi Solomone o ne a ile a sebedisa makgoba hore a hahe ntlo ya Morena, le ntlo ya hae, le Milo, le lerako la Jerusalema, le Hasore, le Megido, le Gesere.


Hoba moradi wa Faro a falle Motseng wa Davida, a ye tlung ya hae, eo Solomone a neng a mo hahetse yona, yaba Solomone o haha Milo.


Bahlanka ba hae ba mo rera ba mmolaela tlung ya Milo, tseleng e theohelang Silla.


A bolawa ke bahlanka ba hae, bo-Josakara, mora wa Shimate, le Jehosabada, mora wa Shomere, mme a shwa. A epelwa le bo-ntatae Motseng wa Davida, mme Amasiya, mora wa hae, a mo hlahlama.


A haha motse o potapotileng qhobosheane eo ho tloha Milo. Joabe yena a tsosa marako wohle a motse.


Kgosi Hesekiya a tsoha molota, a tsosa lerako hohle moo le neng le helehile teng. Hodima lona a haha ditora, a haha le lerako le leng kathoko ho leo. A matlafatsa le Milo, e Motseng wa Davida. A etsa marumo a mangata le dithebe tse ngata.


Monyako wa Sediba wa tsoswa ke Shalome, mora wa Kolohose, mmusi wa karolo e nngwe ya Misepa. A o haha, a o rulela, a kenya menyako ya wona, le dinotlolo tsa wona, le mekwallo ya wona. A haha le lerako le potapotileng Letshana la Shela, le pela Serapa sa Kgosi; a le haha ho ya fihla mehatong e theohang e etswa Motseng wa Davida.


Jerusalema e hahilwe e le motse, tsohle tsa wona di teteane hamonate.


Ariele! Ariele! O madimabe hakaakang! Wena motse oo Davida a kila emisa ho wona! A dilemo di fete ka ho latelana, le mekete ya hao e nne e hlahlamane.


Empa haeba ho se jwalo, eka mollo o ka tswa ho Abimeleke, wa tjhesa banna ba Shekeme le ba Bethemilo, mme eka mollo o ka tswa ho banna ba Shekeme le ho ba Bethemilo, wa tjhesa Abimeleke.”


Banna bohle ba Shekeme le ba Bethemilo ba phuthehela sefateng sa eike se Shekeme, moo ho nang le sefika, mme ba etsa Abimeleke kgosi ya bona hona teng.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos