Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




2 Samuele 5:5 - BIBELE

5 A busa morabe wa Juda ka dilemo tse supileng le dikgwedi tse tsheletseng a ntse a le Heborone, mme a busa Iseraele yohle le Juda yohle ka dilemo tse mashome a mararo a metso e meraro a le Jerusalema.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

5 A busa Juda, a le Hebrone, ka dilemo tse supileng tse nang le dikgwedi tse tsheletseng, mme a busa Iseraele kaofela le Juda ka dilemo tse mashome a mararo a metso e meraro, a le Jerusalema.

Ver Capítulo Copiar




2 Samuele 5:5
7 Referencias Cruzadas  

Ke o neile moradi wa monga hao, le basadi ba monga hao ke o neile bona. Ke o neile mmuso wa Iseraele, le mmuso wa Juda. Hoja tseo di ne di fokola, nkabe ke o ekeleditse le ho feta moo.


Davida a busa ba morabe wa Juda, a le Heborone, ka dilemo tse supileng le dikgwedi tse tsheletseng.


Banna ba Juda ba fihla hona moo, ba tlotsa Davida hore e be kgosi ya morabe wa Juda. Ha tsebiswa Davida, ha thwe: “Banna ba Jabeshe-Gileade ke bona ba epetseng Saule.”


Nako eo Davida a ileng a busa Iseraele ka yona e bile dilemo tse supileng a le Heborone, le tse mashome a mararo a metso e meraro a le Jerusalema, kaofela ya eba dilemo tse mashome a mane.


Yaba baholo bohle ba Iseraele ba ya ho kgosi e le Heborone. Davida a etsa selekane le bona moo Heborone, kapele ho Morena, mme ba mo tlotsa hore e be kgosi ya Iseraele, ho ya ka polelo ya Morena, eo a neng a e bolele ka Samuele.


A ba busa ka dilemo tse mashome a mane; ka tse supileng a busa a le Heborone, ka tse mashome a mararo a metso e meraro a le Jerusalema.


Bana ba tsheletseng ba ile ba tswallwa Heborone, moo Davida a ileng a busa a le hona teng ka dilemo tse supileng le dikgwedi tse tsheletseng. A busa ka dilemo tse mashome a mararo a metso e meraro a le Jerusalema.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos