Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




2 Samuele 3:34 - BIBELE

34 O ne o sa tlangwa matsoho, maoto a hao a se mahlaahleleng a lethose; o shwele jwaloka ya bolawang ke balotsana.” Setjhaba sohle sa boela sa mo lella.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

34 Matsoho a hao a ne a sa ka a tlangwa, le maoto a hao a ne a sa ka a tshwaswa ka mahlaahlela; o wele ka mokgwa wa motho ya wang pela bakgopo! Teng, setjhaba sohle sa eketsa ho mo llela.

Ver Capítulo Copiar




2 Samuele 3:34
8 Referencias Cruzadas  

Ba hlomoha, ba lla, ba itima dijo ho fihlela ka phirimana, ka baka la Saule le mora wa hae Jonathane, le setjhaba sa Morena, le ntlo ya Iseraele, hobane ba ne ba bolailwe ka sabole.


Kgosi ya llela Abinere, ya re: “Abinere, o shweletseng jwaloka tseketseke?


Jwale setjhaba sohle sa tla ho Davida, sa re a je e sa ntsane e le motsheare, empa Davida a hlapanya, a re: “Modimo a nkotle tjena, le ho feta, haeba ekare letsatsi le eso dikele ka ja bohobe kapa ho hong feela.”


Mmolai o tsoha ha mafube a hlaha, a bolaye mofumanehi, a bolaye le mofutsana; athe bosiu teng o fetoha leshodu hantle.


“Ena ke kodi-ya-malla eo ba tla e binela Egepeta. Basadi ba baditjhaba ba tla e bina, ba llele Egepeta le setjhaba sohle sa yona, ho rialo Morena.”


Jwalokaha dinokwane di ye di lalle motho, hlopha sa baprista le sona se a lalla, se bolaele batho tseleng e yang Shekeme, mahlabisadihlong ana se a etse ka morero.


Bafilesita ba mo tshwara, ba mo honya mahlo, ba mo theolela Gasa. Ba mo tlama ka mahlaahlela a lethose, mme mosebetsi wa hae tjhankaneng, ya eba wa ho sila ka lelwala.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos