Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




2 Samuele 3:3 - BIBELE

3 Wa bobedi ya eba Kilabe, ya tswetsweng ke Abikaele, eo e neng e le mohatsa mofu Nabale wa Mokaramele. Wa boraro ya eba Abosalome, mora wa Maaka, moradi wa Talamai, kgosi ya Geshure.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

3 wa bobedi ke Kileabe ka Abigaile, mosadi wa Nabale wa Karmele; wa boraro ke Absalome, mora Maaka, moradi wa Talmai, morena wa Geshure;

Ver Capítulo Copiar




2 Samuele 3:3
22 Referencias Cruzadas  

Abosalome, mora wa Davida, o ne a ena le kgaitsedi e ntle. Lebitso la yona e le Tamare. Amanone, mora wa Davida wa ntlo e nngwe, o ne a rata Tamare haholo.


Joabe a tloha, a ya Geshure, mme a tla le Abosalome, Jerusalema.


Yaba kgosi e re: “Ere Abosalome a ye tlung ha hae, feela a se ke a ba a mpona.” Kahoo Abosalome a ya tlung ha hae, mme a se ke a ba a bona kgosi.


Abosalome a re ho Joabe: “Bona mona, ke ile ka o bitsa, ka re o tle kwano, ke tlo o roma ho kgosi, o yo re ho yona: ‘Ke hobaneng ke latilweng Geshure? Ho ka be ho le molemo hoja ke ntse ke le moo.’ Jwale a nke ke bone kgosi; haeba ke ena le molato, e mpolaye!”


Qetellong ya dilemo tse nne, Abosalome a re ho kgosi: “Ke o kopa hore nke ke ye Heborone, ke yo phetha kano, eo ke ileng ka e etsetsa Morena.


Ha mohlanka wa hao a sa le Geshure e Arame, o ile a etsa kano, a re: ‘Haeba ruri Morena a ka nkgutlisetsa Jerusalema, ke tla mo nyehella ke le Heborone.’ ”


Kgosi ya sisimoloha moya haholo, yaba e nyolohela ka kamoreng e hahilweng hodima lerako la kgoro e kenang ka motseng, e ya llela teng. Ha e ntse e lla ya nna ya re: “Jo! ngwanaka Abosalome! Ngwanaka, ngwanaka Abosalome! Hoja ebe ho shwele nna bakeng sa hao! Jo! Abosalome, ngwanaka, ngwanaka!”


Yaba Davida o nyolohela Heborone, a ena le basadi ba hae ba babedi, Ahinoame wa Mojesereele, le Abikaele eo e neng e le mohatsa mofu Nabale wa Mokaramele.


Haesale e le yena, ntatae o ne a eso ka a mo kgalemela le ka mohla, a re: “O etseditseng tjee?” Etswe Adoniya o ne a le motle haholo, a bile a hlahlama Abosalome.


Adoniya a re: “O a tseba hore mmuso e ne e le wa ka, mme Baiseraele bohle ba ne ba lebeletse hore ke buse. Empa mmuso o ile wa mphonyoha, Morena a o nea moreso.


Bana ke bara bao Davida a ileng a ba tswala ha a le Heborone. Mora wa hae wa matsibolo ke Amanone, ya tswetsweng ke Ahinoame wa Mojesereele; wa bobedi ke Daniele, ya tswetsweng ke Abikaele wa Mokaramele;


wa boraro ya eba Abosalome, mora wa Maaka, moradi wa Talamai, kgosi ya Gesure; wa bone ya eba Adoniya, mora wa Hagite;


Jaire, mora wa Manase, a nka setereke sohle sa Aregobe, ho ya fihla moeding wa Bageshure, le wa Bamaaka. Sebaka sena, esita le sa Bashane, a se reella ka yena, a re ke Metse ya Jaire, mme le kajeno-ya-bokajeno se sa ntse se bitswa jwalo.


Leha ho le jwalo, bana ba Iseraele ha ba a ka ba leleka Bageshure le Bamaaka; kahoo Bageshure le Bamaaka ba aha hara Baiseraele, ho fihlela kajeno-ya-bokajeno.


Lebitso la monna eo e ne e le Nabale, la mosadi wa hae e le Abikaele. Mosadi eo o ne a le bohlale, a bile a le motle, empa monna wa hae o ne a le lekgonatha, le diketso tsa hae di le mpe. E ne e le wa ntlo ya Kalebe.


Abikaele a ema ka potlako, a palama tonki, makgabunyane a hae a mahlano a tsamaya le yena; yaba ba latela baromuwa ba Davida, mme Abikaele ya eba mosadi wa Davida.


Davida le banna ba hae ba nyoloha, ba futuhela Bageshure, le Bagesere, le Baamaleke. Bao e ne e le bona baahi ba naha eo ba kgale, ho tloha Shure ho ya fihla naheng ya Egepeta.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos