Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




2 Samuele 3:18 - BIBELE

18 Etsang jwalo he, hobane Morena o buile ho Davida, a re: ‘Ka letsoho la mohlanka wa ka Davida ke tla namolela setjhaba sa ka sa Baiseraele matsohong a Bafilesita le matsohong a dira tsohle tsa sona.’ ”

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

18 Etsang jwale, etswe Jehova a boletse bakeng sa Davida, a itse: Ke ka letsoho la mohlanka wa ka Davida, ke tla namolela setjhaba sa ka sa Iseraele matsohong a Bafilesta, le matsohang a dira tsohle tsa sona.

Ver Capítulo Copiar




2 Samuele 3:18
11 Referencias Cruzadas  

Modimo a ke a otle Abinere tjena, le ho feta, haeba nke ke ka etsetsa Davida seo Modimo a mo hlapanyeditseng sona,


Davida a hloma diahelo tsa mabotho naheng ya Baarame e Damaseka, mme Baarame ya eba bahlanka ba Davida ba mo thellang. Morena a thusa Davida hohle moo a neng a futuhela teng.


Empa jwale mmuso wa hao o ke ke wa hlola o tswela pele. Morena o se a ipatletse motho eo a mo ratang. Morena o laetse motho eo hore e be kgosi ya setjhaba sa hae, hobane wena ha o a ka wa mamela seo Morena a o laetseng sona.”


Samuele a re ho Saule: “Ka letsatsi lena, Morena o hahotse mmuso wa Iseraele matsohong a hao, mme o o neile e mong ya lokileng ho o feta.


Morena a re ho Samuele: “O tla llela Saule ho le hokae, ha e le moo ke mo furaletse, hore e se be kgosi ya Iseraele? Tlatsa lenaka la hao ole, mme o tsamaye. Ke tla o romela ho Jese wa Betlelehema, hobane ke ikgethetse kgosi hara bara ba hae.”


“Hosasane, ka nako yona ena, ke tla romela monna ya tswang naheng ya Benjamine ho wena. O tla mo tlotsa hore e be kgosi ya setjhaba sa ka, mme o tla namolela setjhaba sa ka matsohong a Bafilesita. Ke bone ho sotleha ha setjhaba sa ka, hobane sello sa sona se fihlile ho nna.”


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos