Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




2 Samuele 22:51 - BIBELE

51 Wena ya neang kgosi ya hao, ya e neang tlholo e kgolo, ya bontshang mohau ho motlotsuwa wa hao, ho Davida le ditloholo tsa hae kamehla le mehla.”

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

51 O sitsa morena wa hae ka poloko e kgolo, o etsa mohau ho motlotsuwa wa hae, ho Davida, le ho moloko wa hae, ka ho sa feleng.

Ver Capítulo Copiar




2 Samuele 22:51
18 Referencias Cruzadas  

a re: “Morena ke lehaha la ka, ke qhobosheane ya ka, ke monamoledi wa ka.


Tsena ke dipolelo tsa ho qetela tsa Davida: “Dipolelo tsa Davida, mora wa Jese, dipolelo tsa monna a phahamisitswe, motlotsuwa wa Modimo wa Jakobo, kgeleke ya tjhaba sa Iseraele:


Ntlo ya hao, le mmuso wa hao, ke tla di tiisa kamehla yohle. Terone ya hao e tla tsitsa kamehla yohle.’ ”


wena ya neang dikgosi tlholo, wena ya pholosang Davida, mohlanka wa hao.


Ka baka leo, ke tla o boka hara ditjhaba, ke roke lebitso la hao Morena,


Pesalema ya Davida, e qapetsweng motsamaisi wa dibini.


ba bangata ba buang ka nna, ba re: “Modimo ha a na ho mo pholosa.”


Thaba ya Sione e a kgahleha, e kgahleha ka bophahamo ba yona, e thabisa lefatshe lohle; e ka leboya ho motse wa Kgosi e kgolo.


Wa na wa bua le batshepuwa ba hao, wa bua le bona ka pono, wa re: “Ke thusitse mohale, ka phahamisa ya kgethilweng, ya kgethilweng hara setjhaba.


Ba mo lwantshang ke tla ba ripitla mahlong a hae, ke fenye ba mo hloileng.


Ke tla namisa mmuso wa hae ho ya fihla Lewatleng, le puso ya hae ho ya fihla dinokeng.


Ke tla mo hauhela kamehla, selekane sa rona le yena e tla ba se tiileng.


Ke hlapantse hanngwe feela ka lebitso la ka le halalelang: Ha nka ke ka thetsa Davida.


o re ho Morena: “O setshabelo sa ka le qhobosheane ya ka, Modimo wa ka eo ke mo tshepang.”


Se tla sebeletsa Morena, Modimo wa sona, se sebeletse Davida, kgosi ya sona, yena eo ke tla mmea ho ba kgosi ya sona.


Jwale lengeloi la bosupa la letsa terompeta, mme lehodimong ha utlwahala mantswe a phahameng, a reng: “Puso ya lefatshe e se e le ya Morena wa rona, le ya Mesia wa hae, mme o tla busa kamehla le mehla.”


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos