Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




2 Samuele 22:44 - BIBELE

44 “O nnamoletse meferefereng ya setjhaba, wa nketsa mmusi wa ditjhaba, ditjhaba di a ntshebeletsa, ditjhaba tseo ke neng ke sa di tsebe.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

44 O nnamoletse le mohla diphapang tsa setjhaba sa ka. O mpolokile hore ke be hlooho ya ditjhaba. Setjhaba seo ke neng ke sa se tsebe, se a ntshebeletsa.

Ver Capítulo Copiar




2 Samuele 22:44
26 Referencias Cruzadas  

Kgosi ya hapa dipelo tsa banna bohle ba morabe wa Juda, ba eba ntsweleng, hoo ba bileng ba romela molaetsa ho yona, ba re: “Kgutla, wena le bahlanka bohle ba hao.”


Setjhaba sohle sa Iseraele, ho ya ka merabe ya sona, se ne se ngangisana ka bosona, se re: “Kgosi e re namoletse matsohong a dira tsa rona; e re pholositse le matsohong a Bafilesita, empa jwale e siile naha, e balehile Abosalome.


Jwale mosadi eo, ka bohlale ba hae, a ya bua le setjhaba sohle sa habo. Setjhaba sa kgaola hlooho ya Sheba, mora wa Bikiri, sa e akgella Joabe. Yaba Joabe o letsa lenaka, mme bahlabani ba qhalana, monna ka mong a ikela lapeng la hae. Jwale Joabe a kgutlela Jerusalema, ho kgosi.


Ntwa ya eba telele pakeng tsa ntlo ya Davida le ntlo ya Saule. Davida a nna a tswela pele ho matlafala, empa ntlo ya Saule yona ya nna ya fokola hoyahoile.


Merabe yohle ya Baiseraele ya ya ho Davida a le Heborone, ya bua, ya re: “Bona, re bana beno.


O tla ahlola ditjhaba, ho tlale ditopo; o tla thuakanya hlooho tsa sera ka bophara ba lefatshe.


Ke ba thumisa jwaloka lerole, lerole le fefolwang ke moya, ke ba hatakela jwaloka seretse se tseleng.


Nkope, ke tla o nea ditjhaba e be lefa la hao, le lefatshe ka bophara ba lona e be leruo la hao.


Bonang, ke entse Davida paki ya ka ho ditjhaba, ka mo etsa moetapele le molaodi wa ditjhaba.


Ruri le tla bitsa tjhaba tseo le sa di tsebeng, tjhaba tse sa le tsebeng di tla mathela ho lona ka baka la Morena Modimo wa lona, yena Ya Halalelang wa Iseraele, hobane o le tlotlisitse.


Tjhaba sa mmuso o ke keng wa o sebeletsa, se tla timela, e, tjhaba seo se tla fela se timelle ruri.


“Ke ne nka araba ba sa reng letho ka nna; ke ne nka fumanwa ke ba sa kang ba mpatla. Ho tjhaba se neng se sa nthapele ka re: ‘Ke nna enwa! Ke nna enwa!’


Yaba o newa puso, le tlotla, le mmuso, e le hore ba ditjhaba tsohle, le ba merabe yohle, le ba dipuo tsohle ba mo sebeletse. Puso ya hae ke puso ya kamehla yohle, e ke keng ya fela, mme mmuso wa hae o ke ke wa timetswa.”


Ke tla mo jakisa naheng ena, ke hauhele ya neng a bitswa Mohanuwa; ho bao e neng e se setjhaba sa ka ke tla re: ‘Le setjhaba sa ka,’ bona ba re: ‘O Modimo wa ka.’ ”


Esaya le yena o re: “Ho tla tla setloholo sa Jese, se tla bewa ho busa baditjhaba, mme baditjhaba ba tla se tshepa.”


Ho jwalokaha a bolela bukeng ya Hosea, a re: “Setjhaba seo e neng e se sa ka, ke tla se bitsa setjhaba sa ka; le mosadi ya neng a sa ratwe, ke tla mmitsa moratuwa,


Morena o tla o etsa hlooho, e seng mohatla. O tla ba kahodimo, o ke ke wa ba katlase, haeba o mamela melao ya Morena Modimo wa hao, eo ke o laelang yona kajeno, hore o e hlokomele, mme le e phethe.


Jwale lengeloi la bosupa la letsa terompeta, mme lehodimong ha utlwahala mantswe a phahameng, a reng: “Puso ya lefatshe e se e le ya Morena wa rona, le ya Mesia wa hae, mme o tla busa kamehla le mehla.”


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos