Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




2 Samuele 22:1 - BIBELE

1 Mohla Morena a namoletseng Davida matsohong a dira tsa hae, le matsohong a Saule, Davida a binela Morena sefela sena,

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

1 Eitse hobane Jehova a namolele Davida matsohong a dira tsohle tsa hae, le matsohong a Saule, Davida a binela Jehova dithoko tse reng:

Ver Capítulo Copiar




2 Samuele 22:1
20 Referencias Cruzadas  

Nathane a re ho Davida: “Monna eo ke wena. Morena Modimo wa Iseraele, o bua tjena: ‘Ke o tlotseditse hore o be kgosi ya Iseraele, ke o lopolotse matsohong a Saule.


ya nnamolelang direng tsa ka, ya mphahamisetsang kahodimo, kahodimo ho ba ntwantshang, o nnamolela diatleng tsa ba sehloho.


Ka lona letsatsi leo, Davida a laela Asafo le bana babo, mme e le kgetlo la pele, hore ba boke Morena ka sefela sena:


Morena o haufi le ba feletsweng ke tshepo, o pholosa ba meya e tetebetseng.


Nyehella Modimo ka sehlabelo sa teboho, phetha dikano tsa hao ho Ya Hodimodimo.


Yaba Moshe le bana ba Iseraele ba binela Morena sefela sena, ba re: “Ke tla binela Morena, hobane ruri o itlotlisitse ka tlholo; o lahletse pere le mopalami wa yona ka lewatleng.


e leng yena ya re pholositseng kotsing e kaalo ya ho shwa, mme o tla boela a re pholose. Re tshepile hore o tla nne a re pholose,


Yaba Moshe o bolella phutheho yohle ya bana ba Iseraele mantswe a sefela sena, moo ba ntseng ba utlwa, ho fihlela a a qeta.


Morena o tla nne a ntopolle mesebetsing yohle e kgopo, a mpholose, a nkise Mmusong wa hae wa lehodimo. Tlotla e ke e be ho yena kamehla le mehla. A ho be jwalo!


Ka lona letsatsi leo Debora, le Barake, mora wa Abinoame, ba bina, ba re:


Davida a phela diqhobosheaneng tse lehwatateng, le naheng e maralla e pela Sife. Saule a mo tsoma ka matsatsi wohle, empa Modimo ha a a ka a neelana ka Davida matsohong a hae.


Ka baka leo, Morena e ke e be yena moahlodi, a ahlole pakeng tsa rona le wena. A ke a bone, a mpuelle, a nnamolele matsohong a hao.”


Ha motho a o sokela, a batla ho o bolaya, bophelo ba hao bo tla sireletswa ke Morena Modimo wa hao. Empa bophelo ba dira tsa hao bo tla lahlelwa hole, jwalokaha eka bo betswa ka letjeketjane.


Jwalokaha kajeno ke ile ka o qenehela, le nna Morena a ke a nqenehele, a nnamolele matshwenyehong ana wohle.”


Davida a bua ka pelo, a re: “Ka letsatsi le leng Saule o tla qetella a mpolaile. Ho molemo hore ke ipalehelle naheng ya Bafilesita, a tle a ntele, a se ke a hlola a mpatla naheng yohle ya Iseraele. Ka mokgwa o jwalo ke tla phonyoha.”


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos