Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




2 Samuele 21:5 - BIBELE

5 Ba re ho kgosi: “Monna o teng ya ileng a re ripitla, a re lohela mano hore re timetswe, hoo ho seng ho se moo re ka hatang teng naheng ena ya Iseraele.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

5 Ba re ho morena: Monna ya neng a hopotse ho re timetsa, ya neng a re reretse bobe, hore re timelletswe ruri naheng yohle ya Iseraele,

Ver Capítulo Copiar




2 Samuele 21:5
5 Referencias Cruzadas  

Mehleng ya Davida ha eba le tlala ka dilemo tse tharo, tse hlahlamanang. Davida a botsa Morena, mme Morena a re: “Tlala ena e teng ka baka la Saule le ba lelapa la hae, ba madi matsohong, hobane Saule o bolaile Bagibeone.”


Re nee banna ba supileng, bao e leng bara ba hae, re tle re ba fanyehele Morena, re le Gibea ya Saule, mokgethwa wa Morena.” Kgosi ya re: “Ke tla neelana ka bona.”


Hoba ho fete dilemo, lemo tse mashome a tsheletseng a metso e mmedi hasupa, motlotsuwa wa Modimo o tla bolawa a se molato. Mabotho a kgosana e nngwe e tlang ho tla, a tla timetsa motse le Sehalalelo sa wona. Pheletso ya tsena e tla tla sa morallo, ntwa e hlabane ho fihlela e ba e lala, nanaola e rerilweng ke Modimo yona e sale.


hobane le tla ahlolwa ka kahlolo eo le ahlolang ba bang ka yona, mme kahlolo eo ya lona e tla lekanyetswa ka tekanyo eo le lekanyetsang ba bang ka yona.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos