Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




2 Samuele 2:32 - BIBELE

32 Ba nka setopo sa Asaele, ba se epela ka lebitleng la ntatae, le neng le le Betlelehema. Bo-Joabe le bahlabani ba hae ba tsamaya bosiu bohle, ba fihla Heborone ha bo esa.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

32 Ba lata setopo sa Asaele, ba se epela lebitleng la ntatae, Bethlehema. Yaba Joabe le banna ba hae ba tsamaya bosiu bohle; ha bo esa, ba fihla Hebrone.

Ver Capítulo Copiar




2 Samuele 2:32
10 Referencias Cruzadas  

Ha nako ya ho shwa ha Iseraele e atamela, a bitsa mora wa hae Josefa, a re ho yena: “Haeba ke fumane mohau ho wena, ako bee seatla sa hao ka tlasa serope sa ka. Tshepisa hore o tla nne o nthate, o tshepahale, mme o ke ke wa nkepela Egepeta.


Mohla ke shwang jwaloka bo-ntate, o nkuke, o nntshe Egepeta, o yo nkepela mabitleng a bona.” Josefa a araba, a re: “Ke tla etsa kamoo o boletseng kateng.”


Empa bahlabani ba Davida ba ne ba bolaile ba morabe wa Benjamine, e leng bahlabani ba Abinere, ba makgolo a mararo le mashome a tsheletseng.


Merabe yohle ya Baiseraele ya ya ho Davida a le Heborone, ya bua, ya re: “Bona, re bana beno.


A epelwa lebitleng leo a ileng a iketsetsa lona, Motseng wa Davida. Ba bea setopo sa hae hodima moalo o nonoditsweng ka tse monko o monate, le ka dinoko tsa mefutafuta, tse tswakilweng ke ditsebi tsa metswako ya ditlolo. Ba besa tetema ya mollo ho mo tlotla.


Jehoshafate a shwa, mme a epelwa ho bo-ntatae, Motseng wa Davida. Jehorame, mora wa hae, a mo hlahlama.


Ha o bona motho wa setsebi sa mesebetsi, tseba eo o tla sebeletsa dikgosi, ha a ka ke a sebeletsa bathwana.


Gideone, mora wa Jowashe, a shwa a se a tsofetse haholo, mme a epelwa lebitleng la ntatae Jowashe, sebakeng sa Ofera ya Baabiesere.


Saule a re ho Davida: “O mora wa mang, wena mohlankana?” Davida a re: “Ke mora wa Jese, mohlanka wa hao wa Betlelehema.”


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos