Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




2 Samuele 2:23 - BIBELE

23 Ha Asaele a ntse a hana ho mo tlohela, Abinere a mo hlaba mpeng ka theko ya lerumo, mme lerumo la ba la ya hlaha kamorao, yaba o wela fatshe, o shwela hona moo. Bohle ba ileng ba fihla sebakeng seo, seo Asaele a shweletseng ho sona, ba ema tlekelele!

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

23 A mpa a hana ho sokoloha. Yaba Abnere o mo hlaba mpeng, a furaladitse lerumo, lerumo la ba la ya tswela kamorao. A wa, mme a shwela hona teng. Yaba bohle ba fihlang pela moo Asaele a weleng le ho shwela teng, ba ema.

Ver Capítulo Copiar




2 Samuele 2:23
7 Referencias Cruzadas  

Empa bo-Joabe le Abishai ba nna ba phaladisa Abinere. Letsatsi la ba dikella leralleng la Amma, e lebaneng le Gia e tseleng e yang lehwatateng la Gibeone.


Empa Amasa a se ke a tsotella sabole e ka letsohong la Joabe. Joabe a mo hlaba ka yona mpeng, mala a petletsehela fatshe, mme Amasa a shwa Joabe a sa mo pheta le ho mo pheta. Jwale bo-Joabe le Abishai ngwanabo, ba phaladisa Sheba, mora wa Bikiri.


Hoba Abinere a fihle Heborone, Joabe a mo nkela kathokwana ho kgoro ya motse, yaka o ilo bua le yena ka lekunutu, yaba o mo phehletsa mpeng, a mmolaya ho phetetsa madi a Asaele, ngwanabo.


Ka mokgwa o jwalo Joabe le ngwanabo Abishai ba bolaya Abinere, hobane o ne a ile a bolaya ngwanabo bona Asaele, ha ba le ntweng Gibeone.


Bo-Rekabe le ngwanabo Baana ba kena ka tlung jwalokaha eka ba ilo reka koro, yaba ba mo hlaba tshweleseng mme ba baleha.


Kgosi le banna ba yona ba ya Jerusalema, ba futuhela Bajebuse bao e neng e le baahi ba naha eo. Bajebuse ba re ho Davida: “O ke ke wa kena mona; difofu le diritsa di tla o thiba.” Ka ho rialo ba ne ba re: “Davida a ke ke a kena mona.”


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos