Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




2 Samuele 19:4 - BIBELE

4 Kgosi ya ikgurumetsa sefahleho, ya bokolla haholo, ya re: “Jo! ngwanaka Abosalome! Jo! ngwanaka, ngwanaka Abosalome!”

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

4 Haele morena, o ne a ikgurumeditse sefahleho, a ntse a meketsa ka lentswe le leholo, a re: Mora ka Absalome! Absalome, mora ka! mora ka!

Ver Capítulo Copiar




2 Samuele 19:4
5 Referencias Cruzadas  

Joabe, mora wa Seruya, a bona hore pelo ya kgosi e ngongorehela Abosalome.


Davida a nyolosa moepa wa Thaba ya Mehlwaare, a ntse a lla. O ne a ikgurumeditse hlooho, a tsamaya a sa rwala letho maotong. Batho bohle ba neng ba ena le yena le bona ba ne ba ikgurumeditse dihlooho, mme ba nyoloha ba ntse ba lla.


Kgosi ya sisimoloha moya haholo, yaba e nyolohela ka kamoreng e hahilweng hodima lerako la kgoro e kenang ka motseng, e ya llela teng. Ha e ntse e lla ya nna ya re: “Jo! ngwanaka Abosalome! Ngwanaka, ngwanaka Abosalome! Hoja ebe ho shwele nna bakeng sa hao! Jo! Abosalome, ngwanaka, ngwanaka!”


Ka letsatsi leo bahlabani ba kena motseng ka lenyele, jwaloka bahlabani ba hlabilweng ke dihlong ha ba balehile ntweng.


Jwale Joabe a ya lapeng ho kgosi, a re: “Kajeno o tlontlolotse bahlanka bohle ba hao, ba o pholositseng, ba pholosa le bara ba hao, le baradi ba hao, le basadi ba hao, le basadi ba hao ba mafielo.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos