Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




2 Samuele 19:1 - BIBELE

1 Joabe a bolellwa, ha thwe: “Hela, kgosi e ntse e lla, e hlomohetse Abosalome.”

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

1 Yaba Joabe o a tsebiswa, ha thwe: Bona, morena o a lla, o llela Absalome.

Ver Capítulo Copiar




2 Samuele 19:1
9 Referencias Cruzadas  

Bara ba hae bohle, le baradi ba hae bohle, ba ema ka maoto ho mo tshedisa, empa a se ke a tshediseha, a mpa a re: “Ke tla theohela Nqalong ya Bafu, ho mora wa ka, ke ntse ke lla.” Kahoo ntatae a mo llela.


Monna eo a re ho Joabe: “Leha o ne o ka mpha disilefera tse sekete, ke ne nke ke ka bolaya mora wa kgosi, hobane moo re ntseng re utlwa, kgosi e ile ya laela wena, le Abishai, le Itai, ya re: ‘Le mpaballele mohlankana Abosalome.’


Yaba Joabe o re: “O ntshenyetsa nako!” A nka marumo a mararo, a phehletsa Abosalome pelong ka wona, a ntse a phela, a leketlile sefateng sa eike.


Empa Joabe a re ho yena: “O ke ke wa isa ditaba kajeno; o tla di isa ka letsatsi le leng. Ha e le kajeno o ke ke wa di isa, hobane mora wa kgosi o shwele.”


Kgosi ya sisimoloha moya haholo, yaba e nyolohela ka kamoreng e hahilweng hodima lerako la kgoro e kenang ka motseng, e ya llela teng. Ha e ntse e lla ya nna ya re: “Jo! ngwanaka Abosalome! Ngwanaka, ngwanaka Abosalome! Hoja ebe ho shwele nna bakeng sa hao! Jo! Abosalome, ngwanaka, ngwanaka!”


Kgosi ya laela Joabe, le Abishai, le Itai, ya re: “Le mpaballele mohlankana Abosalome.” Bahlabani bohle ba utlwa ha kgosi e laela balaodi malebana le Abosalome.


Yaba ho hlola ha letsatsi leo ho fetoha bofifi ho bahlabani bohle, hobane hona letsatsing leo ba ile ba utlwa ho thwe: “Kgosi e hlomohetse mora wa yona.”


Mora ya sethoto o tlisa masisapelo ho ntatae, bohloko ba pelo ya mmae bo baba seka leshokgwa.


“Ke tla theolela moya wa kutlwelobohloko le wa thapedi hodima ntlo ya Davida le hodima baahi ba Jerusalema. Ba tla tadima nna eo ba mo hlabileng, ba mo llele jwaloka ya llelang ngwana ya inotshi; ba mo sarellwe habohloko jwaloka ya llelang mora wa hae wa letsibolo.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos