Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




2 Samuele 18:2 - BIBELE

2 A arola bahlabani mabotho a mararo. Molaodi wa lebotho la pele e ne e le Joabe; wa lebotho la bobedi e le Abishai, mora wa Seruya, ngwanabo Joabe; wa lebotho la boraro e le Itai wa Mogate. Kgosi ya re ho bahlabani: “Le nna ka nama, ke tla futuha le lona.”

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

2 Karolo ya boraro ya setjhaba, Davida a e laola le Joabe; karolo e nngwe ya boraro le Abishai mora Tseruja, ngwanabo Joabe; le karolo e nngwe ya boraro le Ittai wa Gathe. Morena a ba a re ho setjhaba: Le nna ke tla ya le lona.

Ver Capítulo Copiar




2 Samuele 18:2
14 Referencias Cruzadas  

“Nna ke o eletsa hore o kgobokanye Baiseraele bohle, ho tloha Dane ho ya fihla Beeresheba, e be letshwele le lengata jwaloka lehlabathe lebopong la lewatle; ebe wena ka sebele sa hao o a futuha.


Empa Abishai, mora wa Seruya, a thusetsa Davida, a hlaba Mofilesita eo, a mmolaya. Banna ba Davida ba mo hlapanyetsa, ba re: “Ha o ka ke wa hlola o futuha le rona, esere wa bolawa, mme lebone la Baiseraele la tima.”


Abishai, ngwanabo Joabe, mora wa Seruya, e ne e le yena mookamedi wa ba bararo bana. Ke yena ya neng a fekefe ba makgolo a mararo ka lerumo, mme lebitso la hae la tuma hara ba mashome a mararo.


Joabe, mora wa Seruya, ya eba molaodi wa mabotho; Jehoshafate, mora wa Ahilode, yena ya eba mongodi wa diketsahalo.


Ha ditaba tsena di fihla ho Joabe, ya neng a le ka lehlakoreng la Adoniya, e seng ka ho la Abosalome, a balehela ka Tenteng ya Morena, a fihla a itshwarella ka manaka a aletare.


Ke ye ke ithoballe, ke kgalehe, ke be ke itsohele, hobane Morena o na le nna.


Gideone a arola bahlabani ba makgolo a mararo dihlopha tse tharo. A nea monna e mong le e mong lenaka, le mopotjwana o se nang letho, haese serumola feela kahara wona.


Ka mokgwa o jwalo Gideone le banna ba nang le yena ba fihla thekong e kathokothoko ya diahelo hara mpa ya bosiu, ha ho kena balebedi ba bosiu. Ba letsa manaka, ba pshatla mepotjwana e matsohong a bona.


Yaba Abimeleke o nka banna ba hae, o ba arola dihlopha tse tharo, o ilo lalla naheng. Yare ha a tadima, a bona banna ba etswa motseng; a ba lwantsha, a ba bolaya.


Ka la hosasane Saule a arola setjhaba dihlopha tse tharo. Setjhaba sa fihla sa ikakgela kahara diahelo tsa Baamone e sa le ka madungwadungwana. Sa bolaya Baamone ho fihlela ha tsatsi le le hloohong tsa mengala. Masalla a Baamone a phasaphasa, ha se ke ha eba le ba babedi ba balehang ba le mmoho.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos