Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




2 Samuele 17:23 - BIBELE

23 Ha Ahitofele a bona hore ha ho uwe ka keletso ya hae, a qhaneha tonki ya hae, a tsamaya, a ipoella tlung ya hae, motseng wa habo. Ha a se a laile ba lelapa la hae, a ikgama, a shwa, mme a epelwa lebitleng la ntatae.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

23 Jwale, Akitofele, ha a bona hore ha ho etswe ka keletso ya hae, a qhaneha esele ya hae, a tloha, a ya hae motseng wa habo; a hleka ntlo ya hae, a ikgama, a shwa, mme a epelwa lebitleng la ntatae.

Ver Capítulo Copiar




2 Samuele 17:23
15 Referencias Cruzadas  

Ha Abosalome a ntse a nyehela ka mahlabelo, a bitsa Ahitofele wa Mogilo, moeletsi wa Davida, a le motseng wa habo wa Gilo. Morero ona wa bohlabaphiyo o ne o le matla le batho ba tshehetsang Abosalome ba nna ba eketseha.


E mong a bolella Davida, a re: “Ahitofele o teng kahara mahlabaphiyo a Abosalome.” Davida a re: “Oho, Morena, ke a o rapela: Ako nyopise dikeletso tsa Ahitofele.”


Mehleng eo, keletso eo Ahitofele a neng a fana ka yona e ne e nkuwa eka ke boporofeta bo tswang ho Modimo. Dikeletso tsohle tsa Ahitofele di bile jwalo ho Davida le ho Abosalome.


Davida le batho bohle ba neng ba ena le yena ba tsamaya, ba tshela Jorodane. Ha mafube a hlaha, ho ne ho se le ya mong ya esong ho ka a tshela Jorodane.


Eitse ha Simeri a bona hore motse o se o hapilwe, a kena qhobosheaneng e kahare ho ntlo ya kgosi, a itjheseletsa kahara yona, a shwa.


Mehleng eo, Hesekiya a kulela lefu. Yaba moporofeta Esaya, mora wa Amose, o fihla ho yena, o re: “Morena o bua tjena: ‘Lokisa tsa lelapa la hao, hobane o tla shwa; o ke ke wa hlola o phela.’ ”


Na hase timelo ho baetsadibe, le koduwa ho ba etsang bokgopo?


Morena a ke a putse baqosi ba ka jwalo, batho bana ba mpuang hampe.


Melomong ya dira tsa ka ha ho nnete e tswang, dipelong tsa tsona di rera ho timetsa, mmetso ya tsona ke lebitla le ahlameng, maleme a tsona a monate.


Rolela morwalo wa hao ho Morena, mme o tla o jarisa; a ke ke a tlohella ya lokileng hore a sisinngwe le ka mohla.


Boikakaso bo etella timelo pele, boikgohomoso bo etelle ho wa, pele.


Bothoto ba motho bo timetsa bophelo ba hae, ka pelong ya hae a korotlele Morena.


Mehleng eo Hesekiya a kulela lefu. Yaba moporofeta Esaya, mora wa Amose, o fihla ho yena, o re: “Morena o bua tjena: ‘Lokisa tsa lelapa la hao, hobane o tla shwa; o ke ke wa hlola o phela.’ ”


Hoba a akgele ditjhelete tseo ka Tempeleng, a tloha, a ya iphenetha.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos