Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




2 Samuele 16:16 - BIBELE

16 Ha Hushai wa Moareke, motswalle wa Davida, a fihla ho Abosalome, a re ho yena: “Re phelele kgosi! Re phelele kgosi!”

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

16 Yaba Hushai Moarke, motswalle wa Davida, o tla ho Absalome; Hushai a re ho Absalome: A ho phele morena! A ho phele morena!

Ver Capítulo Copiar




2 Samuele 16:16
13 Referencias Cruzadas  

Ha Davida a se a fihlile kahodima tlhoro ya thaba, moo a neng a tlwaetse ho kgumamella Modimo teng, a bona ho fihla Hushai wa Moareke, seaparo sa hae se hahohile, a itshetse ka lerole hloohong.


Ha o ka kgutlela motseng, wa re ho Abosalome: ‘Oho, kgosi, ke tla ba mohlanka wa hao; jwalokaha ke nnile ka ba mohlanka wa ntatao, ka mokgwa o jwalo ke tla ba mohlanka wa hao,’ mme ka ho etsa jwalo o tla tseba ho nnyopisetsa dikeletso tsa Ahitofele.


Yaba Hushai, motswalle wa Davida, o fihlellana le Abosalome motseng wa Jerusalema.


Kajeno o theohile, a ya etsa mahlabelo ka dipholo, le ka dinku, le ka manamane a nontshitsweng. O bile o memile bana bohle ba kgosi, le balaodi ba mabotho, le moprista Abiatare. Jwale ba ntse ba eja, ba enwa le yena, ba howa, ba re: ‘Kgosi Adoniya a ke a re phelele!’


Moprista Sadoke, le moporofeta Nathane, ba mo tlotsetse hona teng, e be kgosi ya Baiseraele. Jwale le letse lenaka, le howe, le re: ‘Kgosi Solomone a ke a re phelele!’


Asariya, mora wa Nathane, e le mookamedi wa babusi ba ditereke; moprista Sabude, mora wa Nathane, e ne e le sephatho sa kgosi;


Jwale moprista Jehoyada a hlahisa mora wa kgosi, a mo rwesa mofapahlooho, a mo nea le Buka ya Molao. Yaba Jowashe o a tlotswa, o etswa kgosi. Setjhaba sa opa mahofi, sa re: “Kgosi e ke e re phelele!”


Bakalatiya ba araba kgosi ka Searame, ba re: “A kgosi e ke e re phelele! Phetela bahlanka ba hao toro ena, mme re tla e hlalosa.”


Mofumahadi ha a utlwa lerata la kgosi le la mahosana a yona, a kena ka tlung ya mokete wa dijo, a re: “Oho, kgosi ya ka, ako re phelele! O se ke wa ferekana! O se ke wa pudufallwa!


Yaba Daniele o re ho kgosi: “Wena kgosi, ako re phelele!


Yaba baokamedi le mahosana ana ba phuthehela ho kgosi, ba bua le yona, ba re: “Wena kgosi Dariuse, ako re phelele!


Matshwele a neng a mo eteletse pele, le a neng a etla kamorao a howa, a re: “Hosanna ho Mora wa Davida! Ho bokwe ya tlang ka lebitso la Morena! Hosanna mahodimong a hodimodimo!”


Samuele a re ho setjhaba sohle: “Na le mmone ya kgethilweng ke Morena? Le hore ha ho le ya mong ya tshwanang le yena hara setjhaba sohle?” Setjhaba sohle sa howeletsa, sa re: “Kgosi e ke e re phelele!”


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos