Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




2 Samuele 16:12 - BIBELE

12 Mohlomong Morena o tla bona matshwenyeho a ka, mme ka letsatsi lena a mputse ka botle bakeng sa mahlapa ana a Shimei.”

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

12 Ekaba Jehova o tla tadima tshwenyeho ya ka, hore Jehova a busetse botle ho nna bakeng sa hlapa tsa kajeno tsa motho eo.

Ver Capítulo Copiar




2 Samuele 16:12
22 Referencias Cruzadas  

Yaba Davida le banna ba hae ba tswela pele leetong la bona. Shimei yena a sika le leralla, a tsamaya a ntse a hlapaolana, a kurutlela Davida ka majwe, a ntse a kgopholaka marole.


Mohlomong Morena Modimo wa hao, o tla utlwa mantswe a molaodi wa ntwa, eo monga hae, kgosi ya Asiria, a mo rommeng ho nyedisa Modimo ya phelang, mme a mo otle. Ka baka leo, rapella ba ntseng ba phela.’ ”


Athe wena o bona bomadimabe le mahlomola; o a di lemoha, mme o a di laola. Ya tsielehileng o tshepile wena, ke wena mothusi wa dikgutsana.


Bona ba a rohakana, empa wena o a hlohonolofatsa; ba ntsohelang matla ba ke ba hlajwe ke dihlong, mohlanka wa hao yena a ke a thabe.


Sefela sa ho nyolohela Jerusalema. Morena, ako hopole Davida, le ho hlopheha hohle ha hae,


Tadima ho hlopheha ha ka le tsietsi ya ka, mme o ntshwarele dibe tsa ka tsohle.


ka ho etsa jwalo o se hlabisa dihlong, mme wena Morena o tla o putsa.


Jwaloka serobele se phuphuselang, kapa lefokotsane le okaokelang, motho ha a silafatswe ke thohako ya lefeela.


Na Morena o ile a otla Iseraele jwalokaha a ile a otla ba ileng ba mo otla? Na o bolailwe jwaloka ba ileng ba mmolaya?


Mohlomong Morena a ka nna a hauha, a boela a le hlohonolofatsa, a le fa dijo le dino tsa ho nyehella Morena, Morena Modimo wa lona.


Jwale re a tseba hore ba ratang Modimo, ba bitsitsweng ka morero wa hae, tsohle di ba tlisetsa molemo.


Matshwenyeho a rona a bobebe, ke a motsotswana, a re tlisetsa tlotla e kgolohadi, e sa feleng.


Empa Morena Modimo wa lona, ha a a ka a namela Bileame, mme Morena Modimo wa lona, o ile a fetola thohako eo hore e be tlhohonolofatso ho lona, hobane Morena Modimo wa lona, a ne a le rata.


O se ke wa sebeletsa kgotso ya bona kapa boiketlo ba bona ka matsatsi wohle a bophelo ba hao.


Lona ba hlokofatswang o tla le imolla hammoho le rona, mohla Morena Jesu a bonahatswang, a etswa lehodimong le mangeloi a hae a matla,


Bo-ntata rona ba re kgalemetse ka nakwana feela, kamoo ba neng ba bona kateng, empa Modimo o re etsetsa molemo ka ho re kgalemela, hore re tle re be le kabelo kgalalelong ya hae.


A etsa kano, a re: “Oho, Morena wa mabotho, haeba ruri o ka tadima matshwenyeho a lekgabunyane la hao, mme wa nkgopola, wa se ke wa lebala lekgabunyane la hao, wa mpa wa le fa ngwana wa moshanyana, ke tla mo abela Morena ka matsatsi wohle a ho phela ha hae, mme hlooho ya hae e ke ke ya beolwa.”


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos