Empa Abosalome a romela bahlohleletsi merabeng yohle ya Iseraele, a re: “Hanghang ha le utlwa modumo wa lenaka, le tle le re: ‘Abosalome o etswa kgosi kwana Heborone!’ ”
Ha mohlanka wa hao a sa le Geshure e Arame, o ile a etsa kano, a re: ‘Haeba ruri Morena a ka nkgutlisetsa Jerusalema, ke tla mo nyehella ke le Heborone.’ ”
Davida a amohela tseo Abikaele a neng a mo tliseditse tsona, a re ho yena: “Kgutlela ha hao ka kgotso; bona, ke mametse dipolelo tsa hao, mme ke amohetse kopo ya hao.”