Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




2 Samuele 15:18 - BIBELE

18 Bahlanka bohle ba kgosi ba nna ba feta kathoko ho yona: E le Bakerete bohle, le Bapelete bohle, le banna ba makgolo a tsheletseng ba Bagate, ba neng ba sale kgosi morao ha e tloha Gate. Batho bana ba fetela kapele ho kgosi.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

18 Haele bahlanka ba hae, ba tsamaya kamathoko ho yena; Bakerethe le Bapelethe bohle, le bohle ba Gathe, e leng batho ba makgolo a tsheletseng, ba tlileng le yena ha a tloha Gathe, ba etella morena pele.

Ver Capítulo Copiar




2 Samuele 15:18
16 Referencias Cruzadas  

Kgosi ya fela ya tswa le setjhaba sohle sa yona, ya fihla ya emisa tlung ya ho qetela.


A arola bahlabani mabotho a mararo. Molaodi wa lebotho la pele e ne e le Joabe; wa lebotho la bobedi e le Abishai, mora wa Seruya, ngwanabo Joabe; wa lebotho la boraro e le Itai wa Mogate. Kgosi ya re ho bahlabani: “Le nna ka nama, ke tla futuha le lona.”


Joabe ya eba molaodi wa mabotho wohle a Iseraele. Benaya, mora wa Jehoyada, yena ya eba molaodi wa lebotho la Bakerete le Bapelete.


Bahlabani ba Joabe, le Bakerete, le Bapelete, le banna ba bahale, ba tswang Jerusalema, ba latela Abishai, mme ba phaladisa Sheba, mora wa Bikiri.


Yaba Davida o se a tshaba ha areka ya Morena e iswa Motseng wa Davida, mme a e isa tlung ya Obede-Edomo wa Mogate.


Benaya, mora wa Jehoyada, o ne a laola Bakerete le Bapelete; bara ba Davida bona e le batlatsi.


Bo-moprista Sadoke, le moporofeta Nathane, le Benaya, mora wa Jehoyada, le Bakerete, le Bapelete, ba theoha, ba qhanehela Solomone mmeile wa kgosi Davida, ba mo isa Gihone.


Benaya, mora wa Jehoyada, o ne a laola Bakerete le Bapelete; bara ba Davida bona e le batlatsi ba kgosi.


Yaba Davida le banna ba hae ba ka bang makgolo a tsheletseng ba a tsamaya, ba tloha Keila, ba nna ba lelera. Ha Saule a utlwa hore Davida o balehile Keila, yaba ha a sa futuha.


Davida a re ho banna ba hae: “Hlomelang ka disabole tsa lona!” Yaba monna ka mong o hlomela ka sabole ya hae; Davida le yena a hlomela ka sabole ya hae. Banna ba makgolo a mane ba nyoloha ba latetse Davida; ba makgolo a mabedi bona ba sala ba lebetse thoto.


Davida le banna ba hae ba jaka ha Akishe, naheng ya Gate. Monna e mong le e mong o ne a ena le ba lelapa la hae. Davida le yena o ne a ena le basadi ba hae ba babedi, e leng Ahinoame wa Jesereele, le Abikaele wa Karamele, eo e neng e le mohatsa mofu Nabale.


Ha Saule a utlwa hore Davida o balehetse Gate, a se ke a hlola a mmatla.


Ka letsatsi la boraro, ha Davida le banna ba hae ba fihla Sikelage, ba fumana Baamaleke ba futuhetse naha e ka borwa, le motse wa Sikelage. Ba ne ba ripitlile motse oo wa Sikelage, ba o tjhesitse ka mollo,


Re ne re hlasetse naha ya Bakerete e ka borwa ho Juda, le naha e ka borwa ya morabe wa Kalebe, mme ra tjhesa Sikelage ka mollo.”


Kahoo Davida a ya, a ena le banna ba makgolo a tsheletseng, mme ba fihla molatswaneng wa Besore, moo ba kgathetseng ba ileng ba sala teng.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos