Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




2 Samuele 14:9 - BIBELE

9 Yaba mosadi enwa wa Tekowa o boela a re ho kgosi: “Oho, monga ka, kgosi, molato ona e be wa ka, le wa lelapa leso; wena, kgosi, le lelapa la hao, le hloke molato.”

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

9 Mosadi wa Tekowa a re ho morena: Morena, monga ka, molato o ke o bewe hodima ka le hodima ntlo ya ntate, morena yena a hloke molato, le yona terone ya hae.

Ver Capítulo Copiar




2 Samuele 14:9
10 Referencias Cruzadas  

Mmae a re ho yena: “Thohako ya hao e tla ba hodima ka, ngwana ka. Wena, o mamele feela, mme o tsamaye, o yo ntatela tsona.”


Ke itlama ka yena; o tla mmatla ho nna. Ha ke sa mo kgutlisetse ho wena, ka mmea matsohong a hao, ke tla ba molato ho wena bophelong ba ka bohle.


Kgosi ya re: “Mang kapa mang ya ka o buisang letho, o mo tlise ho nna, mme a ke ke a hlola a o ama.”


Kgosi ya re ho mosadi enwa: “Kgutlela ha hao, mme ke tla fana ka taelo mabapa le wena.”


Madi a bona a tla phetetswa ka hlooho ya Joabe, le ka ditloholo tsa hae kamehla yohle. Empa Morena o tla sitsa Davida, le ditloholo tsa hae, le lelapa la hae, le terone ya hae, ka kgotso ya kamehla.”


“ ‘Kahoo le se ke la silafatsa naha eo le phelang ho yona, hobane madi a tshollwang a silafatsa naha. Naha e ke ke ya etsetswa tefelo ya madi a tsholletsweng ho yona, haese feela ka madi a ya tsholotseng madi ao.


Setjhaba sohle sa arabela, sa re: “Madi a hae a botswe rona le bana ba rona!”


A itihela maotong a Davida, a re: “Monga ka, molato ona e mpe e be wa ka. Ke a o rapela: Ere lekgabunyane la hao le ke le bue le wena, mme o ke o le mamele.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos