Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




2 Samuele 14:7 - BIBELE

7 Jwale lelapa lohle le tsohetse lekgabunyane la hao matla, mme le re: ‘Neelana ka ya bolaileng ngwanabo, re mmolaye, hobane o bolaile ngwanabo; re be re bolaye le yena mojalefa wa hae.’ Ka mokgwa ona ba tla mpolaela ngwana ya seng a ntshaletse, ebe lebitso la monna wa ka le a fela lefatsheng.”

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

7 Jwale, bohle ba mofuta wa heso ba tsohetse lekgabunyane la hao matla, ba tlile, ba re: Re neele ya bolaileng ngwanabo, re tle re mmolaye ka baka la moya wa ngwanabo eo a mmolaileng, re timetse mojalefa. Ka ho etsa jwalo, ba rata ho tima leshala le hlenneng, le setseng ho nna, ba se ke ba siela monna wa ka lebitso, leha e le ya salang wa hae lefatsheng.

Ver Capítulo Copiar




2 Samuele 14:7
9 Referencias Cruzadas  

Ha kgalefo ya moholwane wa hao e se e kokobetse, mme a lebetse seo o mo entseng sona, nna ke tla romela motho ho o lata teng. Hobaneng nka shwellwa ke lona ba babedi ka tsatsi le le leng?”


Bona, kajeno o ntelekile naheng ena, mme nke ke ka hlola ke bona sefahleho sa hao. Ke tla ba mmalehi le moleleri lefatsheng, mme ho tla etsahala hore ya mponang a mpolaye.”


Baholo ba ntlo ya hae ba ne ba ye ba tle, ba eme pela hae, hore ba mo phahamise fatshe. Empa a se ke a phahama, le ho ja le bona a se ke a eja.


Lekgabunyane la hao le ne le ena le bara ba babedi. Bara bao ba ile ba lwana kwana hara naha, moo ho neng ho se motho ya ka ba namolang. E mong a bata e mong, mme a mmolaya.


Kgosi ya re ho mosadi enwa: “Kgutlela ha hao, mme ke tla fana ka taelo mabapa le wena.”


Mophetetsi wa madi a tsholotsweng o tla bolaya mmolai eo ka boyena. Ha a kopana le yena a mmolaye.


“Empa ha balemi ba bona mora, ba buisana, ba re: ‘Enwa ke mojalefa; a re mmolayeng, re tle re je lefa la hae!’


Mora wa matsibolo eo a tla mmeleha, o tla reellwa ka mofu, e le hore lebitso la hae le se ke la timela hara Baiseraele.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos