2 Samuele 14:16 - BIBELE16 Ka re kgosi e tla mmamela, e namolele lekgabunyane la yona matsohong a motho ya tla re o a le timetsa, a timetse le mora wa lona, naheng eo Modimo a e neileng setjhaba sa hae.’ Ver CapítuloSesotho 1909/1961 (SO)16 Efela morena o tla utlwa, a be a namolele lekgabunyane la hae matsohong a motho ya lakatsang ho re timetsa, nna le mora ke lefeng la Modimo. Ver Capítulo |
Ka baka leo, ke a o rapela, monga ka, kgosi ya ka, ako mamele mantswe a mohlanka wa hao. Haebe ke Morena ya o susumeditseng hore o ntwantshe, ha a mpe a amohele nyehelo. Empa haeba ke batho, ba ke ba rohakehe mahlong a Morena, hobane kajeno ba ntelekile naheng eo e leng ya Morena, ba re: ‘Tsamaya, o yo sebeletsa medimo e meng.’