Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




2 Samuele 13:5 - BIBELE

5 Jonadabe a re ho yena: “Tsamaya o yo robala, o ikudise; e tle ere ha ntatao a tlilo o hlwela o re ho yena: ‘Ntate, ke a o kopa: Ere kgaitsedi ya ka Tamare a ke a tle kwano, a tlo ntokisetsa dijo ke ntse ke mo shebile, a nngwathele ka letsoho la hae, ke je.’ ”

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

5 Jonadabe a re ho yena: Robala diphateng tsa hao, o iketse ya kulang, mme ntatao ha a tla o bona, e re ho yena: Ha ho tle Tamare, kgaitsedi ya ka, mme a mphepe, a mphehele dijo pela mahlo a ka, ke tle ke di tadime, mme ke di je diatleng tsa hae.

Ver Capítulo Copiar




2 Samuele 13:5
8 Referencias Cruzadas  

Jonadabe a re ho Amanone: “Ngwana kgosi ya ka, molato keng ha o ntso fella dikobong tjee, ka tsatsi le leng le le leng? Ako mpolelle hle!” Amanone a re ho yena: “Ke rata Tamare, kgaitsedi ya moreso Abosalome.”


Yaba Amanone o a robala, o a ikudisa. Ha kgosi e tlile ho mmona, Amanone a re ho yona: “Ke a o kopa: Ako re kgaitsedi ya ka Tamare a tle kwano, a tlo nketsetsa dikuku tse seng kae, ke ntse ke mo shebile, mme a mphe tsona ka letsoho la hae, ke je.”


Ahitofele a re ho Abosalome: “Eya o kene dikobong tsa basadi ba ntatao ba mafielo, bao a ba siileng hore ba hlokomele lelapa. Ha Baiseraele ba utlwa hore o kgopisitse ntatao, balatedi ba hao bohle ba tla tiya moko.”


Mora wa ka, ha o ka kgaotsa ho mamela ditaelo o tla kgeloha dithuto tsa bohlale.


Ka baka lena lona, mmoho le lekgotla, bolellang molaodi wa ba sekete hore a mo theole, a mo tlise ho lona, e ke hoja le tlilo hlahlobisisa taba ya hae hantle; rona re se re itokiseditse ho mmolaya a eso fihle mona.”


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos