Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




2 Samuele 13:12 - BIBELE

12 Empa Tamare a re ho yena: “Tjhe, kgaitsedi, o se ke wa nqobella, hobane naheng ya Iseraele ha ho etswe tjena. Se ke wa etsa ketso ena e manyala.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

12 Eo a re: Tjhe, kgaisedi ya ka, o se ke wa nketsa ka matla, hobane hoo hase ho ka etswang Iseraeleng; o se ke wa etsa manyala ao.

Ver Capítulo Copiar




2 Samuele 13:12
12 Referencias Cruzadas  

Ha Shekeme, mora wa Hamore wa Mohife, kgosana ya naha eo, a mmona, a mo tshwara, a mmeta, a mo hlompholla.


Ha bara ba Jakobo ba kgutla naheng, ba utlwa taba ena. Banna bana ba tlalwa ke dipelo, ba halefa haholo, hobane Shekeme o ne a tlisitse manyala Iseraeleng, ka ho beta moradi wa Jakobo, e leng ntho e sa tshwaneleng ho etswa.


Ka tadima hara ba se nang tsebo, ka bona mohlankana ya hlokang kutlwisiso,


hobane ba ne ba entse manyala naheng ya Iseraele. Ba etsa bohlola le basadi ba ba ahelaneng le bona, ba bua leshano ka lebitso la ka, empa ke sa ba laela ho bua jwalo. Le nna ke a tseba, mme ke paki,’ ho rialo Morena.”


“ ‘O se ke wa kena dikobong tsa moradi wa mosadi wa ntatao, ya tswetsweng ke ntatao. Le yena ke kgaitsedi ya hao; o se ke wa mo tlontlolla.


“ ‘O se ke wa kena dikobong tsa kgaitsedi ya hao, e leng moradi wa ntatao, kapa moradi wa mmao, leha eba a hlahetse lelapeng leno, kapa a hlahetse lelapeng lesele.


“ ‘Haeba monna a kena dikobong tsa kgaitsedi ya hae, e leng moradi wa ntatae, kapa moradi wa mmae, mme bobedi ba bona ba bonelana, hoo ke ketso e manyala. Bobedi ba bona ba tla kgaolwa setjhabeng sa habo bona, moo setjhaba se ntseng se bona. Monna eo o tla ahlolelwa ho kena dikobong tsa kgaitsedi ya hae, mme o tla jara bokgopo ba hae.


ngwanana eo o tla iswa monyakong wa ntlo yabo ebe banna ba motse wa habo ba mo tlepeletsa teng ka majwe, a be a shwe, hobane o sitetswe Iseraele ka ho etsa bohlola a ntse a le lapeng labo. Ka mokgwa ona, o tla fedisa bokgopo kahara lona.


monna eo ya robetseng le morwetsana eo o tla lefa ntata morwetsana silefera e ka etsang boima ba halofo ya kilo e le nngwe, a be a mo nyale, hobane o mo dihile letswele. Ha monna eo a ntse a phela a ke ke a hlala mosadi eo.


Monna eo, e leng monga ntlo, a tswela ho bona kantle, a re: “Wee, bana beso, ke a le rapela! Se keng la etsa bokgopo! Monna enwa ke moeti wa ka! Se keng la etsa ketso ena e hlabisang dihlong!


Ka nka setopo sa mosadi eo wa ka wa lefielo, ka se kgaola dikotwana, ka di romela naheng yohle eo Baiseraele ba e jeleng lefa, hobane Bagibea bao ba entse bohlola le manyala naheng ya Iseraele.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos