Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




2 Samuele 12:5 - BIBELE

5 Kgalefo ya Davida ya tlokomela monna enwa wa morui, a re ho Nathane: “Ke hlapanya ka Morena ya phelang, monna enwa ya entseng ntho ena o lokelwa ke ho bolawa;

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

5 Yaba Davida o halefela motho eo haholo, a re ho Nathane: Ka Jehova ya utlwang, motho ya entseng hoo o lokelwa ke lefu.

Ver Capítulo Copiar




2 Samuele 12:5
10 Referencias Cruzadas  

Kamora kgwedi tse tharo Juda a bolellwa, ha thwe: “Tamare, ngwetsi ya hao, o ile a iketsa seotswa, mme ho feta mona ke moimana ka baka la bootswa boo ba hae.” Juda a re: “Mo tliseng, mme a tjheswe!”


“Ha fihla moeti ha monna wa morui. Morui enwa a ba lekgonatha ho nka phoofolo mohlapeng wa hae wa dikgutshwane, kapa mohlapeng wa hae wa dikgomo, ho hlabela moeti enwa wa hae. Empa a nka konyana ya sethole ya mofutsana, mme a e hlabela moeti ya tjhaketseng ha hae.”


Kgosi ya re ho mosadi enwa: “Kgutlela ha hao, mme ke tla fana ka taelo mabapa le wena.”


Empa Jesu a reteleha a ba kgalemela.


Ka baka leo, wena motho ya ahlolang, leha o ka ba mang kapa mang, o hloka boitatolo, hobane ka ho ahlola ba bang, o a ikahlola, kaha wena ya ahlolang o ntse o etsa tsona tseo.


Ke hlapanya ka Morena ya phelang, yena ya namolelang Iseraele, hore leha e ka ba Jonathane, mora wa ka, ruri o tla shwa.” Empa ha se ke ha eba le ya mong wa setjhaba sohle ya ileng a mo araba.


Ha feela mora enwa wa Jese a sa ntsane a phela lefatsheng mona, o ke ke wa ba wa mona bokgosi! Ka baka leo, roma maqosa a yo mo lata, a mo tlise kwano, hobane o tlameha ho shwa!”


Ntho ena eo o e entseng e mpe! Ke hlapanya ka Morena ya phelang, le lokelwa ke lefu, hobane ha le a ka la sireletsa monga lona, e leng motlotsuwa wa Morena. Bona mona! Lerumo la kgosi le kae? Kuka la hae lona le kae?”


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos