Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




2 Samuele 11:8 - BIBELE

8 Davida a re ho Uriya: “Eya lapeng, o yo phomola.” Uriya a tswa ka tlung ya bokgosi, mme kgosi ya mo romela dijo tse ngata.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

8 Davida a ba a re ho Uria: Ikele hae, o itlhatswe maoto. Uria a tswa tlung ya morena, mme mpho ya morena ya mo sala morao.

Ver Capítulo Copiar




2 Samuele 11:8
11 Referencias Cruzadas  

A ho ke ho tliswe metsinyana, le hlatswe maoto a lona, le phomole tlasa sefate.


Yaba o re: “Benghadi ba ka, ke a le rapela, fapohelang tlung ya mohlanka wa lona, le robaletse, le itlhatswe maoto, le tle le tsohe ka madungwadungwana, le tswele pele leetong la lona.” Mangeloi a re: “Tjhe, re tla ithoballa mabaleng a motse.”


Monna eo a ba isa tlung ya Josefa, a ba fa metsi, ba itlhatswa maoto; a fepa le ditonki tsa bona.


Yaba Josefa o laela hore ba abelwe dijo tse kapele ho yena, mme seabo sa Benjamine sa feta tsa ba bang bohle ha hlano. Ba enwa, mme ba thaba le yena.


Re pholose Morena, batshepuwa ba fedile; botshepehi ha bo sa le yo ho bana ba batho.


Hoja re ne re lebetse lebitso, lebitso la Modimo wa rona, re phahamisitse matsoho a rona, re a phahamiseditse modimo osele,


Molekane wa ka o futuhetse metswalle ya hae, o robile selekane sa hae.


Ho madimabe ba patelang Morena merero ya bona, ba e etsetsang lefifing, ba re: “Ke mang ya re bonang? Ke mang ya re tsebang?”


Ha ho letho le kwahetsweng le sa tlo kwahollwa, le le patehileng le sa tlo tsejwa.


Yaba o retelehela ho mosadi, o re ho Simone: “Mosadi eo o a mmona? Ke kene ka tlung ha hao, ha o a mpha metsi a ho hlatswa maoto, empa mosadi enwa o ile a tshela maoto a ka ka dikgapa, a a hlakola ka moriri wa hae.


Ha ho sebopuwa se ka patehang pela hae; tsohle di pepeneneng, di bonahala mahlong a hae, yena eo re tla ikarabella ho yena.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos