5 Mosadi eo a ithwala; yaba o romela molaetsa ho Davida, o re: “Ke ithwetse.”
5 Mosadi eo a dula; mme a romela ho tsebisa Davida, a re: Ke moimana.
Davida a romela molaetsa ho Joabe, a re: “Ere Uriya wa Mohete a ke a tle kwano.” Joabe a romela Uriya ho Davida.
Poulelo e halefisa monga mosadi, ha a iphetetsa ha a qenehele letho;
“ ‘Haeba monna ofe kapa ofe a feba le mosadi wa monna e mong, bobedi ba batho bao ba febang ba tla bolawa.
“Haeba monna a fumanwa a feba le mosadi wa monna e mong, monna eo le mosadi eo ya neng a feba le yena, ba tla bolawa bobedi ba bona. Ka mokgwa ona, o tla fedisa bokgopo kahara lona.