Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




2 Samuele 11:11 - BIBELE

11 Uriya a re ho Davida: “Areka e dutse ka tenteng; Baiseraele, le ba morabe wa Juda, le bona ba dutse ka ditenteng; le monga ka Joabe le bahlabani ba monga ka ba hlomme hara naha; jwale nna nka ya lapeng ha ka jwang, ho ya ja, le ho ya nwa, le ho ya robala le mosadi wa ka? Ke hlapanya ka wena, ntho e tjena nke ke ka e etsa!”

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

11 Uria a re ho Davida: Areka le Baiseraele, le Bajuda, ba dutse metlotlwaneng; le monga ka Joabe, le bahlanka ba morena ka ba emisitse hara naha; ha ho le jwalo, nka kena jwang tlung ya ka, le ho ja, le ho nwa, le ho robala le mosadi wa ka? Ka ho phela ha hao, le ka moya wa hao o phelang, nke ke ka etsa jwalo.

Ver Capítulo Copiar




2 Samuele 11:11
19 Referencias Cruzadas  

Davida a bolellwa, ha thwe: “Uriya ha a a ka a ya lapeng.” Yaba Davida o re ho Uriya: “Ha ke re o tswa leetong? Jwale ke hobaneng o sa kang wa ya lapeng ha hao?”


Kgosi ya re: “Na Joabe o teng morerong oo?” Mosadi a araba, a re: “Ke hlapanya ka monga ka, ka kgosi e phelang, ha ho kamoo nka latolang kateng seo monga ka, kgosi, a se buileng. Mohlanka wa hao Joabe o ile a ntaela, a re ke tle ke bue mantswe ana wohle.


Davida a re ho Abishai: “Sheba, mora wa Bikiri, o kotsi ho rona le ho feta Abosalome. Phutha bahlanka ba monga hao, o mo phaladise, esere a kena metseng e nang le diqhobosheane, mme a re phonyoha.”


ya re ho moporofeta Nathane: “Ako bone, nna ke dula tlung e hahilweng ka dithupa tsa dikedare, empa areka ya Morena yona e dula kahara masira.”


Ho tloha mohla ke nyollang bana ba Iseraele Egepeta, ho fihlela kajeno, ha ke eso ka ke dula ka tlung; ke tsamaile ke le ka tenteng, le ka leahong.


Yaba Moshe o re ho bara ba Gade le ho bara ba Rubene: “Bana babo lona ba ile ntweng; lona le kgotsofalla ho dula moo?


Jwale he, ha ke le hlatswitse maoto, nna ke le Morena le Moruti, le lona le tshwanetse ho hlatswana maoto.


haeba re mamella, re tla busa le yena; haeba re mo latola, le yena o tla re latola;


Anna a re: “Oho, monga ka, ke hlapanya ka wena, monga ka, hore ke nna mosadi ya kileng a ema pela hao mona, a rapela Morena.


Saule a re ho Ahiya: “Tlisa areka ya Modimo mona.” Ka letsatsi leo areka ya Modimo e ne e le teng hara bana ba Iseraele.


E ne e ile yare ha Saule a bona Davida a etswa ho ya lwana le Mofilesita, a re ho Abinere, molaodi wa lebotho: “Abinere, moshanyana eo ke mora wa mang?” Abinere a re: “Ke hlapanya ka kgosi ya ka e phelang: Ha ke tsebe!”


Davida a boela a hlapanya, a re: “Ntatao o tseba hantle hore o nthata haholo; ke ka baka lena a itseng: ‘Jonathane a se ke a tseba taba ena, esere ya mo utlwisa bohloko.’ Ruri ke hlapanya ka Morena ya phelang, le ka wena: Bophelo ba ka bo itshwareletse ka ntekeletsane.”


“Jwale he, monga ka, Morena o o thibetse ho tsholla madi, le ho hlatsa bohale ba hao, ka ho iphetetsa ka letsoho la hao. Ka baka leo, ke hlapanya ka Modimo ya phelang, le ka wena, hore dira tsa hao, le ba o lakaletsang bobe ba tla ba jwaloka Nabale.


Setjhaba sa romela maqosa Shilo, a tla le areka ya selekane sa Morena wa mabotho, ya dutseng hodima dikerubime. Bara ba babedi ba Eli, e leng Hofeni le Finease, ba tla le areka ya selekane sa Modimo.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos