Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




2 Samuele 10:3 - BIBELE

3 mahosana a Baamone a re ho Hanune, monga wona: “O bona eka ke hobane Davida a tlotla ntatao ha a rometse maqosa ho tla o tshedisa? Na hase ho tla hlahloba motse, le ho o hlwela, hore a tle a o hape?”

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

3 baholo ba bana ba Ammone ba re ho Hanune, morena wa bona: Ha Davida a rometse batshedisi ho wena, hleka o re, ke ka ho hlonepha ntatao na? Ha Davida a rometse bahlanka ba hae ho wena, hleka hase ho tla qamakisisa le ho hlwela motse, hore a o timetse na?

Ver Capítulo Copiar




2 Samuele 10:3
6 Referencias Cruzadas  

Romelang e mong wa lona, a yo lata moena lona; lona le tla sala tjhankaneng, ho tle ho bonahale bonnete ba mantswe a lona; ho seng jwalo, ke hlapanya ka Faro ya phelang, ruri le dihlwela.”


Josefa a hopola ditoro tseo a kileng a di lora ka bona, mme a re ho bona: “Le dihlwela tse tlilo lekola bofokodi ba naha eo le e etetseng.”


Na ha o tsebe hore Abinere, mora wa Nere, o ne a tlile ho tla o thetsa, le ho o bona mafolomabe, le ho tseba tsohle tseo o di etsang?”


Empa mahosana a Baamone a re ho Hanune: “O bona eka Davida o tlotla ntatao, ha a rometse maqosa ho tla o tshedisa? Na bahlanka ba hae ha ba a tla ho wena moo ho tla hlahloba naha, le ho e hlwela, hore ba tle ba e hape?”


ha le na mekgwa e mebe, ha le ikgopolele, ha le halefe, ha le na disuwa,


Le iphapanyetsa tsohle, le dumela tsohle, le tshepa tsohle, le mamella tsohle.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos