Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




2 Samuele 10:10 - BIBELE

10 Bahlabani ba bang bona a ba bea tlasa taolo ya ngwanabo, Abishai, le bona ba thea theko, ba thulana le Baamone.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

10 Ba bang ba setseng a ba nea Abishai moenae, hore a ba lokise ho ya kopanya ntwa le bana ba Ammone.

Ver Capítulo Copiar




2 Samuele 10:10
6 Referencias Cruzadas  

Joabe a re: “Haeba Baarame ba ka nkimela, wena o tla nthusetsa; le wena, haeba o ka imelwa ke Baamone, ke tla o thusetsa.


Ha Joabe a bona hore ba direng ba mo hlahile kapele le kamorao, a kgetha mokgetho hara bahale bohle ba Baiseraele, a o emisa ka theko, wa thulana le Baarame.


A arola bahlabani mabotho a mararo. Molaodi wa lebotho la pele e ne e le Joabe; wa lebotho la bobedi e le Abishai, mora wa Seruya, ngwanabo Joabe; wa lebotho la boraro e le Itai wa Mogate. Kgosi ya re ho bahlabani: “Le nna ka nama, ke tla futuha le lona.”


Abishai, ngwanabo Joabe, mora wa Seruya, e ne e le yena mookamedi wa ba bararo bana. Ke yena ya neng a fekefe ba makgolo a mararo ka lerumo, mme lebitso la hae la tuma hara ba mashome a mararo.


Abishai, mora wa Seruya, le yena a bolaya Baedomo ba dikete tse leshome le metso e robedi, a ba bolaela ka Kgohlong ya Letswai.


Kamorao ho mona, Nahashe, kgosi ya Baamone, a shwa, mme mora wa hae a mo hlahlama.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos