Ha baahi ba naha eo, e leng Bakanana, ba utlwa sello sa bofifi Seotlong sa Meutlwa, ba re: “Sello sena ke se bohloko haholo ho Baegepeta!” Ka lebaka lena sebaka seo, se kamose ho Jorodane, ba se rea lebitso la Abele-Miseraime.
Jeremia a qapela Josiya kodi-ya-malla, mme ho fihlela kajeno-ya-bokajeno, dibini tsohle tsa banna le tsa basadi di ntse di bua ka Josiya ha di bina kodi-ya-malla eo, mme hona ya eba molao naheng ya Iseraele. Tsena di ngotswe Bukeng ya Kodi-ya-malla.