Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




2 Bakorinthe 9:2 - BIBELE

2 Ke tseba hore le thahasella ho thusa, mme ke ithorisitse ka hona ho ba Masedonia, ka bolela hore ba Akaya ba se ba itokiseditse ho thusa ho tloha ngwahola. Mafolofolo a lona a phaphamisitse batho ba bangata.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

2 hobane ke tseba tjheseho ya lona tabeng ena eo ke ntseng ke ithorisa ka lona ho ba Masedonia, ka ho re, ba Akaea ba se ba ne ba lokise le ngwahola; mme tjheseho ya lona e fela e tsositse ba bangata.

Ver Capítulo Copiar

Baasraak Sotho NT

2 Hobane ke tseba tjheseho ya lona, eo ke ithorisang ka lona ho ba Masedonia, ka hoba Akaia e ne e se e le selemo se fetileng; mme tjheseho ya lona e habile ba bangata haholo.

Ver Capítulo Copiar

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

2 Hobane ke tseba tjheseho ya lona, eo ke ithorisang ka lona ho ba Masedonia, ka hoba Akaia e ne e se e le selemo se fetileng; mme tjheseho ya lona e habile ba bangata haholo.

Ver Capítulo Copiar




2 Bakorinthe 9:2
14 Referencias Cruzadas  

Ha Galeo e le mmusisi wa Akaya, Bajuda ba tsohela Paulosi matla ka maikutlo a le mang, mme ba mo isa kgotla,


“Jwale kamora dilemo tse ngata, ke tlisitse dithuso ho setjhaba sa heso le ho tla etsa mahlabelo.


hobane ba Masedonia le ba Akaya ba ikemiseditse ho kenya letsoho thusong e etsetswang badumedi ba futsanehileng ba Jerusalema.


Jwale ke sa na le kopo, bana beso. Le a tseba hore lelapa la Setefanase ke letsibolo bodumeding naheng ya Akaya, mme le ikabetse ho sebeletsa badumedi.


Nna Paulosi, moapostola wa Kreste Jesu ka thato ya Modimo, le Timothea, ngwanabo rona, re dumedisa kereke ya Modimo e Korinthe, mmoho le badumedi bohle ba leng naheng yohle ya Akaya, re re:


Haeba ke ile ka ithorisa ka ho hong ho yena ka lona, ha ke hlajwe ke dihlong. Kamehla re buile nnete ho lona; ka mokgwa o jwalo, le boithoriso ba rona ho Tite e bile ba nnete.


Ke le tshepile haholo, ke motlotlo ka lona; matshwenyehong a rona wohle ke ntse ke tletse tshepo, thabo ya ka e a kgaphatseha.


Jwale ke le nea maikutlo a ka tabeng ena: Ho molemo ho lona hore seo le se qadileng ngwahola, ka ho rata, le se qetele.


Tswelang pele jwale, le phethe mosebetsi; le thahaselle ho o phetha ka tseo le nang le tsona, jwalokaha le thahaseletse ho o rera.


Ho feta moo, o bile o kgethilwe ke dikereke hore a tsamaye le rona mosebetsing ona wa mohau oo re o etsetsang tlotliso ya Morena, ho bontsha thahasello ya rona.


Ka baka leo, ba bontsheng lerato la lona, le hore re ithorisa ka lona ka nepo, dikerekeng tsohle.


Ha ke rialo ka ho le laela, empa e le ho leka ho fumana bonnete ba lerato la lona ka mafolofolo a ba bang.


Kahoo le fetohile mohlala ho badumedi bohle ba Masedonia le ba Akaya.


A re hlokomelaneng, mme re kgothaletsaneng leratong le mesebetsing e metle.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos