Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




2 Bakorinthe 8:8 - BIBELE

8 Ha ke rialo ka ho le laela, empa e le ho leka ho fumana bonnete ba lerato la lona ka mafolofolo a ba bang.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

8 Ha ke rialo ka molao, empa e le hore ke leke, ka mafolofolo a ba bang, nnete ya lerato la lona.

Ver Capítulo Copiar

Baasraak Sotho NT

8 Ha ke bue ka taelo, empa e le ka boitelo ba ba bang, le ho leka bonnete ba lerato la lona.

Ver Capítulo Copiar

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

8 Ha ke bue ka taelo, empa e le ka boitelo ba ba bang, le ho leka bonnete ba lerato la lona.

Ver Capítulo Copiar




2 Bakorinthe 8:8
19 Referencias Cruzadas  

Setjhaba sena se tla ho wena, jwalokaha batho ba nne ba phuthehe, ba dule kapele ho wena, ba mamele dipolelo tsa hao, empa ba sa di phethe. Ka melomo ya bona ba bua jwalokaha eka ke batho ba nang le lerato, empa dipelo tsa bona di nyoretswe ho rua ka bolotsana.


Lerato le hloke boikaketsi. Hloyang bobe, kgomarelang botle.


Ha e le ho ba bang, nna, e seng Morena, ke re: Ha modumedi a ena le mosadi eo e seng modumedi, a se ke a mo hlala, haeba mosadi a kgotsofalla ho nna a phela le yena.


Tabeng ya barwetsana, ha ke na taelo ya Morena, ke mpa ke fana ka keletso, ke le ya tshepahalang ka mohau wa Morena.


Ke bua tjena ka ho le hauhela e seng ka ho le laela.


ka bohlweki, ka tsebo, ka mamello, ka mosa, ka Moya o Halalelang, ka lerato le se nang boikaketsi,


Jwale ke le nea maikutlo a ka tabeng ena: Ho molemo ho lona hore seo le se qadileng ngwahola, ka ho rata, le se qetele.


Ka baka leo, ba bontsheng lerato la lona, le hore re ithorisa ka lona ka nepo, dikerekeng tsohle.


Ke tseba hore le thahasella ho thusa, mme ke ithorisitse ka hona ho ba Masedonia, ka bolela hore ba Akaya ba se ba itokiseditse ho thusa ho tloha ngwahola. Mafolofolo a lona a phaphamisitse batho ba bangata.


Motho ka mong a ke a fane ho ya kamoo a rerileng kateng ka pelong ya hae, e seng ka ho kganana kapa ka ho qobellwa. Modimo o rata ya fanang a thabile.


Empa ha re bolela nnete ka lerato, re tla hola ka mekgwa yohle, ho ba ba Kreste, eo e leng hlooho.


Mohau o ke o be le bohle ba ratang Morena wa rona Jesu Kreste ka lerato le sa feleng.


A re hlokomelaneng, mme re kgothaletsaneng leratong le mesebetsing e metle.


“Ka baka leo he, tshabang Morena, le mo sebeletse ka botshepehi le ka nnete, le furalle medimo eo bo-ntata lona ba neng ba e sebeletsa ha ba le mose wane ho Noka, leha ba le Egepeta, mme lona le sebeletse Morena.


Kaha le hlwekisitse meya ya lona ka ho mamela nnete, mme le rata bana babo lona ka lerato le se nang boikaketsi, ratanang ka dipelo tsohle, ka lerato le mofuthu.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos