Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




2 Bakorinthe 8:10 - BIBELE

10 Jwale ke le nea maikutlo a ka tabeng ena: Ho molemo ho lona hore seo le se qadileng ngwahola, ka ho rata, le se qetele.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

10 Ke le nea keletso tabeng eo; efela lona e le tshwanetse, hobane esale ngwahola le rakile bohle ka ho etsa le ka ho rata.

Ver Capítulo Copiar

Baasraak Sotho NT

10 Mme ke fana ka keletso tabeng ena, hobane ho molemo ho lona, ba seng ba qadile selemo se fetileng, e seng ho etsa feela, empa le ho rata.

Ver Capítulo Copiar

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

10 Mme ke fana ka keletso tabeng ena, hobane ho molemo ho lona, ba seng ba qadile selemo se fetileng, e seng ho etsa feela, empa le ho rata.

Ver Capítulo Copiar




2 Bakorinthe 8:10
18 Referencias Cruzadas  

Ya hauhelang bafumanehi o adima Morena, seo a faneng ka sona Morena o tla mmuseletsa sona.


Ya fang e mong wa ba banyenyane bana mohope wa metsi a phodileng kahobane e le morutuwa, ruri ke a le bolella, ha a ka ke a hloka moputso wa hae.”


leha e le ho utlwisisa, hore ho molemo ho lona hore motho a le mong a shwele setjhaba, e seng hore setjhaba sohle se timele.”


Empa ke le bolella nnete: Ho molemo ho lona hore ke ye, hobane ha ke sa ye, Mothusi a ke ke a tla ho lona; athe ha ke eya, ke tla mo romela ho lona.


Kaiafa e ne e le yena ya eleditseng Bajuda, a re: Ho molemo ha motho a le mong a ka shwela setjhaba.


Le re: “Tsohle di dumeletswe,” empa hase ho re tsohle di na le molemo. E, tsohle di dumeletswe, empa hase ho re tsohle di na le thuso.


Ka tsatsi le qalang beke, e mong le e mong wa lona a bee ho hong kathoko ha hae, ho ya kamoo a sitsitsweng kateng; dikoleke di etswe ke eso fihle.


E mong o re: “Ke dumeletswe ka dintho tsohle,” empa hase ho re tsohle di na le molemo. E, ke dumeletswe ka dintho tsohle, empa ha nka ke ka laolwa le ke e le nngwe ya tsona.


Tabeng ya barwetsana, ha ke na taelo ya Morena, ke mpa ke fana ka keletso, ke le ya tshepahalang ka mohau wa Morena.


Feela, ho ya ka nna, a ka ba lehlohonolo haholo ha a ka itulela a sa nyalwa. Ke a kgolwa hore le nna ke na le Moya wa Modimo.


Ke tlameha ho ithorisa, leha ho sa thuse letho, mme ke fetela diponong le ho tseo Morena a ntshenoletseng tsona.


Re bile ra rapela Tite, ya qadileng mosebetsi ona wa mohau, hore a o phethe ho lona.


Ha ke rialo ka ho le laela, empa e le ho leka ho fumana bonnete ba lerato la lona ka mafolofolo a ba bang.


Ke tseba hore le thahasella ho thusa, mme ke ithorisitse ka hona ho ba Masedonia, ka bolela hore ba Akaya ba se ba itokiseditse ho thusa ho tloha ngwahola. Mafolofolo a lona a phaphamisitse batho ba bangata.


Hase hobane ke batla dimpho, empa seo ke se batlang ke hore mosebetsi wa lona o behe ditholwana.


Se lebaleng ho ba mosa le ho thusana, hobane ana ke wona mahlabelo a kgahlisang Modimo.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos