Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




2 Bakorinthe 5:8 - BIBELE

8 Ka hona re kgothetse, mme se ka re kgahlang ke ho falla mmeleng ona, re tle re yo aha le Morena.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

8 Ke re, re na le tshepo e tiyang, mme hoo re ho ratang ke ho falla mmeleng, re be hae ho Morena.

Ver Capítulo Copiar

Baasraak Sotho NT

8 Re na le tshepo, ke rialo, mme re rata ho ka mpa ra ba sieo mmeleng, ho ya ba teng le Morena.

Ver Capítulo Copiar

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

8 Re na le tshepo, ke rialo, mme re rata ho ka mpa ra ba sieo mmeleng, ho ya ba teng le Morena.

Ver Capítulo Copiar




2 Bakorinthe 5:8
22 Referencias Cruzadas  

O tla mpontsha tsela ya bophelo; thabo e kgaphatsehang e fumanwa ho wena, ho ba ka tsohong la hao le letona ke monyaka o sa feleng.


Empa nna, ha ke se ke ahloletswe, ke tla bona fahleho sa hao; ha ke tsoha ke tla kgotsofalla boteng ba hao.


Ya kgopo o fediswa ke bokgopo ba hae, ya lokileng o na le letshepa, esita le lefung la hae.


“Monga hae a re ho yena: ‘Ke hantle, mohlanka ya kgabane, ya tshepahalang; o tshepahetse dinthong tse seng kae, ke tla o etsa modisa wa tse ngata. Kena, o thabe le monga hao!’


“Monga hae a re ho yena: ‘Ke hantle, mohlanka ya kgabane, ya tshepahalang; o tshepahetse dinthong tse seng kae, ke tla o etsa modisa wa tse ngata. Kena, o thabe le monga hao!’


“Morena, jwale o ka lokolla mohlanka wa hao ka kgotso, ho ya ka polelo ya hao;


Ha motho a ntshebeletsa, a ntatele, mme moo ke leng teng, le mosebeletsi wa ka o tla ba hona teng; ha motho a ntshebeletsa, Ntate o tla mo hlompha.”


Ha ke se ke ile, ke le lokiseditse bodulo, ke tla boela ke tle ke le nkele ho nna, hore moo nna ke leng teng, le lona le be hona teng.


“Ntate, bao o nneileng bona, ke rata hore moo ke leng teng le bona ba be hona teng, hore ba bone tlotla ya ka, eo o nneileng yona, hobane o nthatile ho eso thewe lefatshe.


Empa Paulosi a araba, a re: “Le etsang ha le lla tjee, le utlwisa pelo ya ka bohloko? Nna ha ke a itokisetsa ho tlangwa feela, empa le hona ho shwela Jerusalema ka baka la lebitso la Morena Jesu.”


Ha ho le jwalo, re kgothetse kamehla, leha re ntse re tseba hore ho phela mmeleng ona ke ho phela hole le Morena.


Ka baka leo, leha re ntse re le mmeleng ona kapa re faletse ho wona, re ikitlaeletsa ho mo kgahlisa,


Baratuwa, jwale re se re le bana ba Modimo, empa seo re tlang ho ba sona ha se eso bonahatswe. Feela re a tseba hore, mohla Kreste a iponahatsang, re tla tshwana le yena, hobane re tla mmona kamoo a leng kateng.


Thohako e ke ke ya hlola e eba teng. Terone ya Modimo le ya Konyana e tla ba teng motseng oo, mme bahlanka ba hae ba tla mo sebeletsa.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos