Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




2 Bakorinthe 5:6 - BIBELE

6 Ha ho le jwalo, re kgothetse kamehla, leha re ntse re tseba hore ho phela mmeleng ona ke ho phela hole le Morena.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

6 Tshepo ya rona e tiya kamehla ke hona, mme re a tseba hoba, ha re ntse re ahile mmeleng, ha re hae ho Modimo.

Ver Capítulo Copiar

Baasraak Sotho NT

6 Ka baka leo, re na le tshepo kamehla, re a tseba hore, ha re sa le hae mmeleng, ha re eo ho Morena.

Ver Capítulo Copiar

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

6 Ka baka leo, re na le tshepo kamehla, re a tseba hore, ha re sa le hae mmeleng, ha re eo ho Morena.

Ver Capítulo Copiar




2 Bakorinthe 5:6
15 Referencias Cruzadas  

Mahlong a hao re baeti le bajaki, jwaloka bo-ntata rona bohle. Matsatsi a rona, lefatsheng mona, a jwaloka seriti, mme ha ho ya nang le tshepo.


Ke mofeti mona lefatsheng; o se ke wa mpatela melao ya hao.


O kgalemela motho ka ho mo otla, ka ho mo otlela melato ya hae, o fedisa seo a se ratang jwalokaha eka se jewa ke tshwele. Ruri motho ke lefeela.


Ya tshabang Morena o na le qhobosheane, bana ba hae ba fumana setshabelo.


Morena Modimo, ya Halalelang wa Iseraele, o bua tjena: “Ha le ka baka, la ba le kgotso, le tla pholoha, ha le ka kgutsa, la ba le tshepo, le tla matlafala, empa le hanne ho etsa jwalo.


Molaodi wa ntwa a re ho bona: “Bolellang Hesekiya, le re ho yena: ‘Kgosi e kgolo, kgosi ya Asiria, e bua tjena, e re: Ntshepedi ya ntshepe eo o nang le yona kgotodiyeng ke efe?


Re tseba hore, mohla lephephe leo re phelang ho lona mona lefatseng le qhaqhollwang, lehodimong re na le lehae leo re le lokiseditsweng ke Modimo, ntlo e sa hahwang ke batho.


Ka hona re kgothetse, mme se ka re kgahlang ke ho falla mmeleng ona, re tle re yo aha le Morena.


Jwale le se ke la lahlehelwa ke tshepo eo ya lona, e nang le moputso o moholo.


Batho bao kaofela ba ile ba shwela tumelong, ba eso amohele tseo ba neng ba di tshepisitswe, empa ba di bonetse hole feela, ba di thabetse, mme ba ipoletse hore ke baeti le bajaki lefatsheng lena.


Mona lefatsheng ha re na motse wa kamehla, empa re ipatlela motse o tlang ho tla.


Ke kgothatsa baholo ba leng teng hara lona, nna ke le e mong wa bona, ke bile ke le paki ya mahloko a Kreste, ke ena le kabelo tlotleng ya hae e tlang ho bonahatswa.


Nna Johanne, ngwanabo lona, ke le molekane wa lona ho Jesu matshwenyehong, le mmusong, le tiisetsong, ke ne ke le sehlekehlekeng se bitswang Patamose, ka baka la ho bolela lentswe la Modimo le ho paka Jesu.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos