Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




2 Bakorinthe 4:10 - BIBELE

10 Re jere mahloko a lefu la Jesu mmeleng ya rona kamehla, hore le bophelo ba hae bo tle bo bonahatswe mmeleng ya rona.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

10 re jara lefu la Morena Jesu hohle mmeleng wa rona, hore bophelo ba Jesu le bona bo tle bo bonahale mmeleng wa rona.

Ver Capítulo Copiar

Baasraak Sotho NT

10 Ka mehla re jara ho shwa ha Morena Jesu mmeleng, hore bophelo ba Jesu le bona bo tle bo bonahatswe mmeleng ya rona.

Ver Capítulo Copiar

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

10 Ka mehla re jara ho shwa ha Morena Jesu mmeleng, hore bophelo ba Jesu le bona bo tle bo bonahatswe mmeleng ya rona.

Ver Capítulo Copiar




2 Bakorinthe 4:10
17 Referencias Cruzadas  

Ho se ho se hokae, mme lefatshe ha le sa tla mpona, empa lona le a mpona, hobane ke a phela, le lona le tla phela.


Ha re se re entswe ntho e le nngwe le Kreste ka lefu le tshwanang le la hae, re tla ba jwalo le ka tsoho e tshwanang le ya hae.


Haeba re shwele le Kreste, le teng re dumela hore re tla phela le yena;


Jwalokaha ho ngotswe, ho thwe: “Ke ka baka la hao re bolawang ka mehla, re nkwang re le dinku tse hlajwang.”


Jwalokaha mahloko a Kreste a re aparetse, ka mokgwa o jwalo le wona matshediso a re ngatafaletse ka Kreste.


Ra ikutlwa eka re ahloletswe lefu, mme hona ha etsa hore re se ke ra nna ra itshepa, re mpe re tshepe Modimo ya tsosang bafu;


Ke nnete, bofokoding ba hae, o ile a thakgiswa, empa, ka matla a Modimo, o a phela. Le rona re fokola jwaloka Kreste, empa, ka matla a Modimo, re tla phela le yena, ho le sebeletsa.


Rona ba phelang, kamehla re kotsing ya ho bolawa ka baka la Jesu, hore le bophelo ba hae bo tle bo bonahatswe mmeleng ya rona e shwang.


Ho tloha jwale ho se be ya ntshwenyang, hobane mmeleng wa ka ke na le mehwabadi e bontshang hore ke wa Jesu.


Ke thabela ho hlokofatswa ka baka la lona jwale, hobane bothong ba ka ke qetela mahloko a saletseng ho ao Kreste a bileng le wona ka baka la mmele wa hae, e leng kereke.


Lentswe lena ke la nnete, le reng: “Haeba re shwele le yena, re tla phela le yena;


Thabo ya lona e ke e lekane le kabelo eo le nang le yona mahlokong a Kreste, e le hore le tle le thabe, le nyakalle, mohla tlotla ya hae e bonahatswang.


Ha le hlapaolwa ka baka la lebitso la Kreste, le lehlohonolo, hobane Moya o tlotlehang, Moya wa Modimo, o ho lona.


Eare ha ke mmona, ka wela maotong a hae jwalokaha eka ke shwele. Yaba yena o bea letsoho la hae le letona hodima ka, o re: “Se tshabe, ke nna Wa Pele le Wa ho Qetela,


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos