Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




2 Bakorinthe 3:5 - BIBELE

5 Hase hore rona ka borona re na le matla a lekaneng hore re hopole letho jwaloka hoja le tswa ho rona, empa matla a rona a tswa ho Modimo.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

5 E seng hore re ka tseba ho lekanya letho re nnotshi, jwaloka hoja le itswela ho rona; matla a rona a mpa a tswa ho Modimo;

Ver Capítulo Copiar

Baasraak Sotho NT

5 E seng hore re lekane ka borona ho nahana ntho leha e le efe e ka e tswa ho rona; empa ho lekana ha rona ho tswa ho Modimo;

Ver Capítulo Copiar

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

5 E seng hore re lekane ka borona ho nahana ntho leha e le efe e ka e tswa ho rona; empa ho lekana ha rona ho tswa ho Modimo;

Ver Capítulo Copiar




2 Bakorinthe 3:5
19 Referencias Cruzadas  

Josefa a arabela Faro, a re: “Hase nna; ke Modimo ya tla senolela Faro tse molemo.”


Le naheng ya Juda Modimo a etsa hore setjhaba sa teng se be pelonngwe, ho phetha taelo ya kgosi le ya mahosana, ho ya ka polelo ya Morena.


hobane ke tla le nea mantswe le bohlale boo bahanyetsi bohle ba lona ba tla sitwa ho bo hanyetsa le ho bo lwantsha.


Bonang, nna ke tla le romella seo Ntate a le tshepisitseng sona, empa le dule motseng mona ho fihlela ha le apeswa matla a tswang hodimo.”


“Ke nna sefate sa morara, lona le makala. Ya dulang ka ho nna, le nna ka ho yena, o beha ditholwana tse ngata, hobane ntle ho nna le ke ke la etsa letho.


Nke ke ka ba sebete ho bua ka letho haese ka tseo Kreste a di sebeditseng ka nna, ka dipolelo le ka diketso, hore baditjhaba ba mamele Modimo.


Empa ke ka mohau wa Modimo ke leng seo ke leng sona, mme mohau wa Modimo ho nna ha o a ka wa fetoha lefeela. Ke sebeditse ho feta baapostola bohle, le hoja e se ka bonna, e le ka mohau wa Modimo o ho nna.


Ka mohau oo Modimo a nketseditseng wona ke ile ka etsa motheo jwaloka sehahi se bohlale; e mong a haha hodima wona. Empa e mong le e mong a hlokomele hore na o haha jwang.


Nna ke ile ka lema, Apolosi yena a nwesetsa, empa ke Modimo ya medisitseng.


empa a re ho nna: “Mohau wa ka o o lekane, hobane matla a ka a phethahala ka ba fokolang.” Ha ho le jwalo, ke tla ithorisa ka bofokodi ba ka ka thabo e kgolo, hore matla a Kreste a tle a be ho nna.


Ho ba yang timelong ke monko wa lefu, o bolayang; ho ba yang pholohong ke monko wa bophelo, o phedisang. Jwale ke mang ya loketseng tsee?


Empa rona re ka dipitsa tsa letsopa tse tshetseng letlotlo lena, hore matla ao a fetisisang e be a Modimo, e seng a rona.


hobane ho rata le ho phetha ha lona ho sebetswa ka ho lona ke Modimo, ka ho ya ka boithatelo ba hae.


Nka etsa tsohle ka Kreste ya mmatlafatsang.


Tseo o di utlwileng ho nna pela dipaki tse ngata, o di bee matsohong a batho ba tshepahalang, ba ka tsebang ho di ruta ba bang.


Neo e nngwe le e nngwe e molemo, le mpho e nngwe le e nngwe e phethehileng, di tswa hodimo, di theoha ho Ramasedi, eo ho yena ho seng phetoho leha e le phifalo.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos