Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




2 Bakorinthe 2:7 - BIBELE

7 Empa jwale le tshwanela ho mo tshwarela le ho mo tshedisa, esere a sithabetswa ke maswabi a maholo.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

7 Empa jwale, le tshwanetse ho mo rekolohela le ho mo tshedisa, motho eo a tle a se ke a qetwa ke maswabi a tlodisang.

Ver Capítulo Copiar

Baasraak Sotho NT

7 E le hore le mpe le mo tshwarele le ho mo tshedisa, esere ya jwalo a metswa ke maswabi a feteletseng.

Ver Capítulo Copiar

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

7 E le hore le mpe le mo tshwarele le ho mo tshedisa, esere ya jwalo a metswa ke maswabi a feteletseng.

Ver Capítulo Copiar




2 Bakorinthe 2:7
20 Referencias Cruzadas  

ba ka be ba re kwentse re ntse re phela, ha kgalefo ya bona e ne e re tloketse;


Letsoho la hao, kgosi, le tla fihlela dira tsohle tsa hao, letsoho la hao le letona le tla fihlela bohle, bohle ba o hloileng;


Ke ipiletsa ho Modimo, Ya Hodimodimo, yena Modimo ya nketsetsang tsohle.


re ba metse ba phela sa Nqalo ya Bafu, re ba metse bokwiditane sa ba welang ka mohohlong;


Pelo e thabileng e tseba ho fodisa, empa moya o hlorileng o tepeletsa mmele.


Batho bana le bona ba thekesediswa ke veine, jwala bo bohale bo etsa hore ba kgothometsehe; baprista le baporofeta ba thekesediswa ke jwala, kelello di tsherehantswe ke ho itlopa veine, jwala bo bohale bo etsa hore ba kgothometsehe; ba bona dipono ba ntse ba thekesela, dinyewe ba di ahlola ba ntse ba ratseela ke jwala.


Ha se bolang sena se se se apare ho se bole, mme se shwang sena se se se apere ho se shwe, ke moo ho tla phethahala polelo ya Mangolo, e reng: “Lefu le fedisitswe, la hlolelwa ruri.


Ka baka leo, ke le rapela hore le mmontshe hore le fela le mo rata.


Ruri, rona ba ahileng lephepheng lena, re fehelwa ke ho imelwa, hobane ha re batle ho lahlehelwa ke lehae lena, empa re lakatsa ho fumana le leng la bobedi, hodima lona; e le hore se shwang se metswe ke bophelo.


Ho swaba ka mokgwa oo Modimo a o ratang ho hlahisa pako e se nang boikwahlayo, e isang pholohong; athe ho swaba ka mokgwa oo lefatshe le o ratang ho tlisa lefu.


Rekolohelanang, le hauhelane, le tshwarelane, jwalokaha le Modimo a le tshwaretse ka Kreste.


E, ke nnete o ne a kulela lefu, empa Modimo o ile a mo hauhela. Ha a a ka a hauhela yena feela, empa le nna o nkgauhetse, esere ka sithabetswa ke maswabi.


Ha e mong a lla ka e mong le mamellane, mme le tshwarelane jwalokaha le Morena a le tshwaretse.


Bana beso, re rata ha le tseba tsa ba ithobaletseng, hore le tle le se ke la lla jwaloka ba bang, ba se nang tshepo.


Bana beso, ka lebitso la Morena wa rona Jesu Kreste re le laela hore le kgaohane le bana babo lona bohle ba phelang e le dikgoba, e seng ka meetlo eo re le neeleditseng yona.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos