Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




2 Bakorinthe 10:12 - BIBELE

12 Ho hang ha re a lokela ho ikopanya kapa ho itshwantsha le ba bang ba ikemelang. Empa ke dithoto, hobane tekanyo eo motho wa bona a itekanyang ka yona ke yena ka boyena, o ipapisa le yena ka boyena.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

12 Empa re tshaba ho ipala le ho ipapisa le ba bang ba ikemelang; athe ha ba itekanya bona ka bona, mme ba itshwantsha bona ka bona, ha ba etse ka kelello.

Ver Capítulo Copiar

Baasraak Sotho NT

12 Hobane ha re na sebete sa ho ikakanya, leha e le ho ipapisa le ba bang ba ipuellang;

Ver Capítulo Copiar

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

12 Hobane ha re na sebete sa ho ikakanya, leha e le ho ipapisa le ba bang ba ipuellang;

Ver Capítulo Copiar




2 Bakorinthe 10:12
10 Referencias Cruzadas  

“Ha ho pelaelo, batho ke lona feela! Bohlale bo tla ya le lona lebitleng.


Hase hantle ho itlopa dinotshi; ho ipatlela tlotla le hona ha ho lokele.


Motho ya ithetsang ka ho re o bohlale, o ka tshepa sethoto ho ena le yena.


Motho ha a ithorise o roriswa ke ba bang, a ka roriswa ke basele, e seng yena a ithorise.


Mofarisi a ema, a rapella ka pelong, a re: ‘Modimo, ke a o leboha ha ke se jwaloka batho ba bang, bao e leng balotsana, ba sa lokang, difebe, kapa leha e le jwaloka molekgetho enwa.


Nke ke ka ba sebete ho bua ka letho haese ka tseo Kreste a di sebeditseng ka nna, ka dipolelo le ka diketso, hore baditjhaba ba mamele Modimo.


Ya jwalo a ke a hopole hore seo re leng sona mangolong ka dipolelo ha re le siyo, leha re le teng re ntse re le sona ka mosebetsi.


hobane ya amohelehang hase ya ikemelang, empa ke ya emelwang ke Morena.


Na re boela re qala ho ikemela? Kapa jwaloka ba bang, re hloka mangolo a re emelang ho lona, kapa a tswang ho lona?


Ha re sa tla ikemela pela lona, re mpa re le fa sebaka sa ho ithorisa ka rona, e le hore le tle le tsebe ho fetola ba ithorisang ka se bonahalang, e seng ka se ka pelong.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos