17 Hleka ha ke ne ke rerile jwalo, a ke ne ke etsa bosawana na? Kapa ha ke rera taba, a ke e rera ka nama na, hore e, e, le tjhe, tjhe, di fumanwe hammoho ka ho nna na?
17 Ha ke ntse ke nahana joalo, na ke ile ka sebelisa bosaoana? Kapa lintho tseo ke li rerileng, na ke li rera ka nama, hore ho ’na ho be E, le Che, Che?
17 Ha ke ntse ke nahana joalo, na ke ile ka sebelisa bosaoana? Kapa lintho tseo ke li rerileng, na ke li rera ka nama, hore ho ’na ho be E, le Che, Che?
“Ke hanyetsana le ba porofetang ditoro tsa mashano, ba be ba di bolele, ba etse hore setjhaba sa ka se kgelohe ka baka la mashano ao a bona le boithoriso boo ba bona, athe ke ne ke sa ba roma, le ho ba laela ke sa ba laela,” ho rialo Morena. “Ka baka lena, ha ba etsetse setjhaba sena molemo,” ho rialo Morena.
Seo re ithorisang ka sona ke sena: Letswalo la rona le re pakela hore mona lefatsheng re ile ra phedisana le batho, haholo le lona, re se na mano, re ena le nnete ya Modimo; e seng ka bohlale ba botho, empa ka mohau wa Modimo.
Ke ne ke senoletswe hore ke nyolohele teng. Lekunutung, ka hlalosetsa batho ba nang le mabitso molaetsa o molemo, oo ke o phatlalletsang baditjhaba; esebe mohlomong nakong ena kapa e fetileng, ke tsamaetse lelea.
Ho feta tsohle, bana beso, le se ke la hlapanya leha e le ka lehodimo kapa ka lefatshe, leha e le ka mokgwa ofe kapa ofe. Ha le re “e”, le re “e”; ha le re “tjhe”, le re “tjhe”; e le hore le se ke la welwa ke kahlolo.
Ba nea Abimeleke ditjhelete tse mashome a supileng tsa silefera, tse neng di etswa ka tempeleng ya Baale-Berite. Ka tjhelete ena a hira banna ba dikweta, mme bao ba mo latela.