Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




1 Timothea 2:3 - BIBELE

3 Hona ho hotle, mme ho kgahlisa Modimo, Mopholosi wa rona,

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

3 Hobane hoo ke ho molemo, ho kgahlehang ho Modimo, Mmoloki wa rona,

Ver Capítulo Copiar

Baasraak Sotho NT

3 Hobane hoo ho molemo, ho a kgahlisa mahlong a Modimo, Mopholosi wa rona;

Ver Capítulo Copiar

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

3 Hobane hoo ho molemo, ho a kgahlisa mahlong a Modimo, Mopholosi wa rona;

Ver Capítulo Copiar




1 Timothea 2:3
16 Referencias Cruzadas  

Atamelang le bolele taba tsa lona, tlisang medimo ya lona e eletsane. Ke mang ya boletseng see e sa le kgale? Ke mang ya se phatlaladitseng mehleng e fetileng? Na e ne e se nna Morena? Ha ho modimo e mong kantle ho nna, Modimo ya lokileng le Mopholosi; ha ho e mong haese nna feela.


“Pelo ya ka e tlotlisa Morena, moya wa ka o nyakalletse Modimo, Mopholosi wa ka;


Ya sebeletsang Kreste ka tsena o kgahlisa Modimo, mme o hlomphuwa ke batho.


le tlale ho loka ho tswang ho Kreste, e tle e be tlotla le thoriso ho Modimo.


Ke fumane tsohle tseo ke di hlokang, esita le ho feta; ke thusitswe kahohlehohle ka ho amohela ho Epafaroditose tse tswang ho lona, tseo e leng nyehelo e monko o monate, sehlabelo se amohelehang, se kgahlisang Modimo.


Ka tsela ena le tla phela ka mokgwa o tshwanelehang mahlong a Modimo, le mo kgahlise dinthong tsohle. Le tla atleha mesebetsing yohle e lokileng, mme le hole tsebong ya Modimo.


Jwale he, bana beso, le utlwile ka rona mokgwa oo le tshwanetseng ho phela le ho kgahlisa Modimo ka wona. Ka Morena Jesu, re a le kopa, mme re a le rapela hore le phele jwalo, le nne le atlehe le ho feta.


Nna Paulosi, maopostola wa Kreste Jesu, ka taelo ya Modimo, Mopholosi wa rona, le ya Jesu Kreste, tshepo ya rona,


Ha e le mona re sebetsa ka thata, re bile re lwana, ke hobane re tshepile Modimo ya phelang, eo e leng Mopholosi wa batho bohle, haholoholo ba dumelang.


Empa ha mohlolohadi a ena le bana kapa ditloholo, e be bona ba qalang ho ithuta ho phetha ditshwanelo lapeng labo bona, le ho buseletsa batswadi dithuso tsa bona. Hona ho kgahlisa Modimo.


ya re pholositseng, mme ya re bitseditseng hore re halalele, e seng ka baka la mesebetsi ya rona, empa e le ka baka la morero wa hae le mohau wa hae. O re file mohau ona ka Kreste Jesu, mehla e eso be teng.


Se lebaleng ho ba mosa le ho thusana, hobane ana ke wona mahlabelo a kgahlisang Modimo.


Le ka ithorisa jwang ha le mamella dikotlo hobane le entse dibe? Empa ha le mamella mahloko, leha le ntse le etsa tse ntle, hona ho hotle mahlong a Modimo.


Tloong le le majwe a phelang, a sebediswang ho haha tempele ya moya. Le be baprista ba halalelang, ba nyehellang Modimo ka mahlabelo a moya, a amohelehang ho yena ka Jesu Kreste;


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos