Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




1 Timothea 1:9 - BIBELE

9 Feela ho ke ho tsejwe hore molao ha o a etsetswa ba lokileng, empa o etseditswe ba sa lokang le ditlokotsebe, ba kgopo le baetsadibe, ba sa halaleleng le ba sebeletsang lefatshe, ba bolayang bo-ntata bona le bo-mma bona, ba bolayang batho,

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

9 a ntse a tseba hoba molao ha o a etsetswa ya lokileng, empa o etseditswe ba kgopo le ba hanang ho utlwa, le ba hanang ditaba tsa Modimo, le baetsadibe, le dihlola, le banyefodi, le ba bolayang bontata bona, le ba bolayang bomma bona, le ba bolayang batho,

Ver Capítulo Copiar

Baasraak Sotho NT

9 le ntse le tseba hobane molao ha o a etsetswa ya lokileng, empa o etseditswe ba kgopo, le ba sa utlweng, ba kgopo, le baetsadibe, ba sa halaleleng, ba ditshila, babolai ba bontata bona, le babolai ba bomma bona, le babolai.

Ver Capítulo Copiar

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

9 le ntse le tseba hobane molao ha o a etsetswa ya lokileng, empa o etseditswe ba kgopo, le ba sa utlweng, ba kgopo, le baetsadibe, ba sa halaleleng, ba ditshila, babolai ba bontata bona, le babolai ba bomma bona, le babolai.

Ver Capítulo Copiar




1 Timothea 1:9
45 Referencias Cruzadas  

Davida a re ho Abishai, le ho bahlanka ba hae bohle: “Haesita mora wa ka, ya tswileng lethekeng la ka, e le yena ya batlang ho mpolaya, jwale le re Mobenjamine eo yena a ke ke a tjhatjhehela ho mpolaya hobaneng? Mo tloheleng a hlapaolane, hobane Morena o mo laetse jwalo.


Ka tsatsi le leng, ha a ntse a rapela, a le ka tempeleng ya Niseroke, modimo wa hae, bo-Adarameleke le Saresere, bara ba hae, ba mmolaya ka sabole. Ba balehela naheng ya Ararate, mme Asare-Hadone, mora wa hae, a mo hlahlama.


Morena a romela lengeloi, le ileng la ya diahelong tsa kgosi ya Asiria, la bolaya bahale bohle, le baetapele, le balaodi. Saneheribe a kgutlela naheng ya hae ka dihlong. Yare ha a kena ka tempeleng ya modimo wa hae, bara ba tswetsweng ke yena ba fihla ba mmolaya ka sabole.


“O se ke wa bolaya.


Empa ha e mong a tsohela motho e mong matla ka boomo, mme a mmolaya ka bolotsana, leha a ka balehela aletareng ya ka, o tla mo tlosa, a yo bolawa.


Haeba motho a rohaka ntatae kapa mmae, bone la hae le tla tingwa hoja ho le lefifi.


Ya molato wa ho tsholla madi a motho, e tla ba mophaphathehi ho isa lefung, ho se be ya lekang ho mo thiba.


Ya utswetsang ntatae kapa mmae, a ntsa ithetsa ka ho re: “Hona hase sebe,” ya jwalo yena ke motswalle wa disenyi hantle.


“Moloko o teng o rohakang bo-ntata wona, o sa hlompheng le bo-mma wona.


“Leihlo le tshehang ntata lona, le nyedisang taelo ya mma lona, makgwaba a dikgohlo a tla le honya, mme madinyane a ntsu a le je.


“Baporofeta le baprista bobedi ba silafetse, e, ka tlung ya ka ke fumane bokgopo ba bona,” ho rialo Morena.


“ ‘Wena kgosana e silafetseng, e kgopo ya Iseraele, letsatsi la kotlo ya hao le se le fihlile, mme bophelo ba hao bo kgopo bo tla fela!


“ ‘Motho ofe kapa ofe ya rohakang ntatae kapa mmae, ruri o tla bolawa. Kaha o rohakile ntatae kapa mmae, o tla bolawa ka baka la molato wa hae.


“Motho o tla neelana ka ngwanabo hore a bolawe, ngwana ka ntatae; bana ba tla fetohela batswadi, ba etse hore ba bolawe.


baetseletsi, ba hloileng Modimo, baikakasi, baikgohomosi, baithorisi, baqapi ba tse mpe, ba sa utlweng batswadi,


Tshepiso ya hore Aborahama e tla ba mojalefa wa lefatshe ha e a ka ya etsetswa yena, kapa ditloholo tsa hae, ka baka la Molao, empa ka baka la ho loka ho tswang tumelong.


Molao o ile wa eba teng hore tshito e tle e ate, empa moo sebe se atileng teng, mohau o ba mongata ka ho fetisisa.


Sebe se ke ke sa ba le matla hodima lona, hobane ha le sa le tlasa Molao, empa le tlasa mohau.


Ha ho le jwalo, Molao o sebetsang? O ile wa etsetswa ho totobatsa ditlolo tsa molao, hore o sebediswe ho fihlela ho etla setloholo sa Aborahama se etseditsweng tshepiso, mme wa phatlalatswa ke mangeloi, ka mmoelanyi.


Ha le ka tsamaiswa ke Moya, ha le sa le pusong ya Molao wa Moshe.


mona, botahwa, bonyollo, le tse ding tse jwalo. Jwalokaha nkile ka le bolella e sa le pele, ke sa boela ke le bolella hape hore ba etsang tse jwalo e ke ke ya eba majalefa a Mmuso wa Modimo.


bonolo le boitshwaro. Tse kang tsena, ha ho molao o ka di thibelang.


“ ‘Ho rohakehe ya sa hlompheng ntatae kapa mmae.’ “Setjhaba sohle se re: ‘A ho be jwalo!’


hore Ya Kgopo a tle a senolehe. Jwale Morena Jesu o tla mo fedisa ka ho mo budula ka molomo feela, mme a mo timetse ka kganya eo a tla tla ka yona.


Hana ditshomo tse se nang hlompho, tse loketseng ditsohatsana. Ikwetlisetse borapedi.


Timothea, ako boloke se beilweng paballong ya hao. O qobe dipuo tse sa hlompheng, tsa lefeela, le dikganyetsano tsa hoo ho thweng ke bohlalefi.


Sesefa dipolelo tse sa hlompheng, tsa lefeela, hobane di kgelosa batho bodumeding le ho feta.


Batho e tla ba baithati, ba ratang tjhelete, baithorisi, baikgantshi, banyefodi, ba sa utlweng batswadi, ba hlokang teboho, ba sa halaleleng.


Ho na le ba bangata ba itaolang, ba thetsang ba bang ka dipuo tsa bosawana, haholoholo hara Bajuda ba sokolohileng.


Ba bolela hore ba tseba Modimo, empa diketso tsa bona di a latola. Ba a nyonyeha, ba hana ho mamela, ba sitwa ho etsa letho le lokileng.


E mong le e mong wa bona e be motho ya sa nyatseheng, monna ya nang le mosadi a le mong; bana ba hae e be badumedi, e se be batho ba hlaha, ba sa mameleng ho hang.


Pele le rona re ne re le dithoto, re hana ho mamela, re kgelohile, re le makgoba a ditakatso le a menyaka ya mefutafuta, re phela ka lonya le ka mona, re hloyehile, re hloyane.


Ka tumelo Rahaba wa seotswa ha a a ka a timela hammoho le ba sa dumelang, hobane o ne a ile a amohela dihlwela ka kgotso.


Ho se be mang kapa mang eo e leng sehlola, kapa ya sa tshabeng Modimo jwaloka Esau, yena ya neng a fane ka ditokelo tsa boholo ba hae ba tswalo ho reka mothangwana wa sejo.


Ka baka leo, ho lona ba dumelang ke la bohlokwa, empa ho ba sa dumelang, ho thwe: “Lejwe le lahlilweng ke dihahi, le fetohileng lejwe la mantlha,


Ke meya e neng e sa ka ya mamela Modimo, ha yena a ne a e mameletse halelele mehleng eo Nowe a neng a haha areka ka yona. Ka areka, ba seng bakae feela, e leng ba robedi, ba ile ba pholoswa metsing.


“Haesita le ya lokileng a pholoha ka thata, monyefodi le moetsadibe ba tla fella kae?”


ho tla ahlola bohle, le ho kgalemella bohle ba kgopo mesebetsi yohle ya bona e kgopo, le dipolelo tsohle tse mpe, tseo baetsadibe bao ba kgopo ba mo sitetsweng ka tsona.”


Empa ha e le makwala, le ba sa tshepahaleng, le ba etsang tse manyala, le babolai, le difebe, le baloi, le ba kgumamelang medimo ya bohata, le bohle ba buang leshano, kabelo ya bona ke letsha le tukang mollo wa sebabole, ke hore lefu la bobedi.”


Kantle ho tla sala dintja, le baloi le dihlola, le babolai, le ba kgumamelang medimo ya bohata, le bohle ba ratang leshano, ba etsang tseo e seng tsa nnete.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos