Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




1 Timothea 1:7 - BIBELE

7 Ba batla ho ba baruti ba Molao, empa ba hloka kutlwisiso ya tseo ba di bolelang, leha e le ya tseo ba di buang ba sa thekesele.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

7 Ba rata ho ba baruti ba molao, mme ha ba utlwisise tseo ba di bolelang, leha e le tseo ba di tiisang.

Ver Capítulo Copiar

Baasraak Sotho NT

7 Ba rata ho ba baruti ba molao; ba sa utloisise seo ba se buang, leha e le seo ba se tiisang.

Ver Capítulo Copiar

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

7 Ba rata ho ba baruti ba molao; ba sa utloisise seo ba se buang, leha e le seo ba se tiisang.

Ver Capítulo Copiar




1 Timothea 1:7
20 Referencias Cruzadas  

Ba tloheleng, ke difofu tse tataisang difofu tse ding. Haeba sefofu se tataisa sefofu se seng, bobedi di tla wela ka lengopeng.”


Ba araba Jesu, ba re: “Ha re tsebe.” A re ho bona: “Le nna ha ke le bolelle hore na ke ka matla afe ke etsang tsena.”


Kamora matsatsi a mararo ba mo fumana ka Tempeleng a dutse hara baruti, a ba mametse, a ntse a ba botsa,


Batho ba bang ba neng ba theoha Judea ba ne ba ruta badumedi, ba re: “Ha le sa bolotswe ka moetlo wa Moshe, le ke ke la pholoswa.”


Leha ba ne ba re ba bohlale, ba thotofala;


A le ke le mpolelleng taba ena e le nngwe feela: Na le amohetse Moya wa Modimo ka ho phetha Molao, kapa ka ho dumela molaetsa oo le o utlwileng?


Ha ho le jwalo, ya le abelang Moya, ya etsang diketso tse matla hara lona, na o etsa jwalo kahobane le phetha Molao kapa kahobane le dumetse molaetsa oo le o utlwileng?


Mpolelleng, lona ba ratang ho ba tlasa Molao, na ha le utlwisise Molao?


ke moikakasi ya hlokang tsebo, ya mpang a tjhesehela ho phea kgang le ho ngangisana ka mantswe, mme hona ho tswala mona, diphapang, dinyefolo, dipelaellano tse mpe,


ba batlang ho ithuta kamehla, empa ba ke keng ba tseba nnete le kgale.


Bana beso, le se ke la iketsa baruti kaofela, kaha le a tseba hore rona re tla ahlolwa haboima ho feta.


Empa batho bao, ba kang diphoofolo tse hlokang kelello, tse bopetsweng ho tshwaswa le ho bolawa, ba nyefola dintho tseo ba sa di tsebeng. Ba tla timetswa jwaloka diphoofolo,


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos