Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




1 Timothea 1:3 - BIBELE

3 Jwalokaha ke se ke ile ka u kgothaletsa ha ke eya Masedonia, o nne o dule Efese, o tle o laele ba bang hore ba se ke ba ruta thuto esele.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

3 Jwalokaha ke ne ke o laele mohla ke yang Masedonia, ka re, o sale Efese, hore o tle o laele ba bang, ba tle ba se ke ba ruta thuto esele;

Ver Capítulo Copiar

Baasraak Sotho NT

3 Jwalokaha ke ile ka o kopa hore o sale Efese, ha ke ya Masedonia, o tle o laele ba bang hore ba se ke ba ruta thuto esele.

Ver Capítulo Copiar

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

3 Jwalokaha ke ile ka o kopa hore o sale Efese, ha ke ya Masedonia, o tle o laele ba bang hore ba se ke ba ruta thuto esele.

Ver Capítulo Copiar




1 Timothea 1:3
24 Referencias Cruzadas  

Jwale ba theohela Efese, moo a ileng a ba siya teng. Empa yena a kena ka tlung ya thapelo, mme a buisana le Bajuda.


a mpa a ba dumedisa, a re: “Ke tla boela ho lona ha Modimo a rata.” A tloha Efese ka sekepe.


hobane ba Masedonia le ba Akaya ba ikemiseditse ho kenya letsoho thusong e etsetswang badumedi ba futsanehileng ba Jerusalema.


Bana beso, ke a le rapela hore le fadimehele ba bakang dikarohano, ba le kgelosang thutong eo le ithutileng yona. Le ba sesefe


Le fela le mamella ka thabo ha e mong a etla ho lona, a le tsebisa Jesu osele, eo re sa kang ra le tsebisa yena; kapa ha le amohela moya osele, ho fapana le oo le seng le o amohetse; kapa molaetsa o molemo osele, ho fapana le oo le seng le o amohetse.


Ka hona ha re sa tla hlola re eba masea a tsokoletswang kwana le kwana, a fefolwang ke moya ofe le ofe wa dithuto tsa batho ba mano, ba kgelosang ka maqiti a bona.


Ka thuso ya Morena ke na le tshepo e tiileng ya hore le nna ke tla tla ho lona haufinyane.


O ba laele, mme o ba rute tsena.


Ha o hlalosetsa bana babo rona tsena, o tla ba mosebeletsi wa sebele wa Kreste Jesu, ya otlwang ka dipolelo tsa tumelo le tsa thuto e ntle eo o e latetseng ka hloko.


Ba laele tsena, e le hore ba tle ba hloke kodi.


Mohlodi wa bokgopo bohle ke ho rata tjhelete; ka ho e tjhatjhehela, ba bang ba kgelohile tumelo, ba ikapesa ka maswabi a mangata.


Laela barui ba tsa lefatshe lena hore ba se ke ba ikgohomosa, ba tshepa maruo a felang, ba mpe ba tshepe Modimo ya re fang tsohle ka bongata hore re di thabele.


Haeba e mong a ruta disele, a sa dumellane le dipolelo tsa nnete tsa Morena wa rona Jesu Kreste, le thuto ya bodumedi,


Morena a ke a mo fumantshe lereko ho Morena mohla Letsatsi lela. O tseba ho feta bohle kamoo a nthusitseng kateng ka tse ngata ha ke ne ke le Efese.


Hohle lefatsheng ho tletse bathetsi, ba sa pakeng hore Jesu o ile a tla e le motho. Ya buang jwalo ke yena mothetsi le Sera sa Kreste.


“Leha ho le jwalo, ho na le tse seng kae tseo ke di nyatsang ho wena. Moo haeno, o na le ba kgomaretseng thutong ya Bileame, ya ileng a ruta Balake ho dihela bana ba Iseraele sebeng, ka ho re ba je tse hlabetsweng medimo ya bohata, ba etse le bohlola.


“Leha ho le jwalo, seo ke se nyatsang ho wena ke hore o dumella Jesabele, mosadi ya reng ke moporofeta, ho kgelosa bahlanka ba ka, ka ho ba ruta ho etsa bohlola, le ho ja tse hlabetsweng medimo ya bohata.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos