Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




1 Samuele 9:5 - BIBELE

5 Ha ba se ba fihlile naheng ya Sufe, Saule a re ho mohlanka wa hae, ya neng a ena le yena: “Tloo, re kgutle, esere ntate a tlohela ho nahana ditonki tse lahlehileng, yaba o tshwenyeha ka baka la rona.”

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

5 Ha ba fihla naheng ya Tsufe, Saule a re ho mohlanka wa hae eo ba nang le yena: A re kgutle, e se be ntate a lebala diesele, mme a belaela bakeng sa rona.

Ver Capítulo Copiar




1 Samuele 9:5
7 Referencias Cruzadas  

“Ka baka leo, ke re ho lona: Le se ke la itshwenya ka bophelo ba lona, hore na le tla jang, kapa le tla nwang, leha e le ka mmele ya lona, hore na le tla aparang. Ana bophelo ha bo fete dijo, le mmele ha o fete diaparo ka bohlokwa na?


“Hape le itshwenyetsang le ka diaparo? Ithuteng ka dikgahla hore na di hola jwang: ha di sebetse ka thata, ha di ohle,


Ka baka leo, le se ke la itshwenya ka la hosasane, hobane la hosasane le tla itshwenya ka tsa lona; letsatsi ka leng le lekanwa ke bothata ba lona.”


“Ha ba le hulela pela matlo a thapelo, le pela baahlodi, le babusi, le se ke la itshwenya ka hore na le tla bua jwang kapa eng, kapa le reng,


A re ho barutuwa: “Ka baka leo, ke a le bolella, le se ke la itshwenya ka bophelo ba lona, hore na le tla jang, leha e le ka mmele ya lona, hore na le tla aparang,


Ho ne ho ena le monna e mong wa Ramataime-Sofime, wa naha e maralla ya Efraime. Lebitso la hae e ne e le Elekana, mora wa Jerohame, Jerohame mora wa Elehu, Elehu mora wa Tohu, Tohu mora wa Sufe, wa morabe wa Efraime.


Kajeno, ha o tloha mona ho nna, o tla fumana banna ba babedi pela lebitla la Ragele, naheng ya Benjamine, mane Selesa. Banna bao ba tla re ho wena: ‘Ditonki tseo o neng o ilo di batla di fumanwe. Ntatao ha a sa tsoteletse ditonki tseo, o se a tshwenyehile ka baka la hao, mme o re: “Mora wa ka ke tla mo fumana jwang?” ’


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos