Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




1 Samuele 8:19 - BIBELE

19 Setjhaba sa hana ho mamela lentswe la Samuele, sa re: “Tjhe, re batla ho ba le kgosi e re busang,

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

19 Leha ho le jwalo, setjhaba sa hana ho utlwa lentswe la Samuele, sa re: Tjhe, empa re tla ba le morena ya re busang;

Ver Capítulo Copiar




1 Samuele 8:19
9 Referencias Cruzadas  

Empa ha ba a ka ba mamela; Manase a ba kgelosa, mme ba etsa bobe bo fetang le ba ditjhaba tseo Morena a neng a di timetse mahlong a bana ba Iseraele.


Ke nna Morena, Modimo wa hao, ya neng a o ntshe naheng ya Egepeta. Ahlama, ke tle ke o fepe.


“Setjhaba sa ka ha se a ka sa mamela, sa mamela lentswe la ka, Iseraele ha a a ka a nnatsa.


Le nna ke tla ba otla ka kotlo e bohloko, ke ba tlisetse sona seo ba se tshabang. Ha ke ne ke bitsa, ha ho ya kila arabela, ha ke ne ke bua, ha ba a ka ba mamela. Ba entse bobe moo ke ntseng ke ba shebile, ba ikgethela dintho tse sa nthabiseng.”


“Ha re ka ke ra mamela seo o re bolellang sona ka lebitso la Morena!


Tsena tsohle le di entse, ho rialo Morena. Ke buile ho lona ka makgetlokgetlo, empa ha le a ka la mmamela. Leha ke le bitsa ha le a ka la nkarabela.


Setjhaba sena se tla ho wena, jwalokaha batho ba nne ba phuthehe, ba dule kapele ho wena, ba mamele dipolelo tsa hao, empa ba sa di phethe. Ka melomo ya bona ba bua jwalokaha eka ke batho ba nang le lerato, empa dipelo tsa bona di nyoretswe ho rua ka bolotsana.


“Ha le fihla naheng eo Morena Modimo wa lona, a le neang yona, e se e le ya lona, le se le ahile ho yona, mme le re: ‘Re tla ikgethela kgosi jwaloka ditjhaba tsohle tse re potapotileng;’


“Eitse ha le bona hore Nahashe, kgosi ya Baamone, o a le futuhela, la re ho nna: ‘Tjhe, re batla kgosi e tla re busa,’ empa Morena Modimo wa lona, e ne e le yena kgosi ya lona.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos