Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




1 Samuele 8:14 - BIBELE

14 E tla nka masimo a lona a matle ka ho fetisisa a morara, le a mohlwaare, e a nee bahlanka ba yona.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

14 O tla nka le masimo a lona, le merara ya lona, le mehlwaare ya lona e metle, a e nee bahlanka ba hae.

Ver Capítulo Copiar




1 Samuele 8:14
7 Referencias Cruzadas  

O tle o fihle o re ho yena: ‘Morena o bua tjena: Na o fela o bolaile Nabote, o bile o inketse tshimo ya hae?’ O boele o re ho yena: ‘Morena o bua tjena: Hona moo, moo dintja di ileng tsa qaphela madi a Nabote hona teng, le wena madi a hao di tla a qaphela hona teng.’ ”


Akabe a re ho Nabote: “Kaha tshimo ya hao ya morara e le haufi le ntlo ya ka, mphe yona, ke tle ke leme meroho ho yona. Ke tla o nea e mobu o motle ho feta eo; kapa haeba o rata, ke tla e reka ka tjhelete e e lokelang.”


Jesabele, mosadi wa hae, a re ho yena: “Na hase wena ya busang naha ya Iseraele? Tsoha, o je, o nyakalle. Ke tla o nea tshimo eo ya morara ya Nabote wa Mojesereele.”


Kgosana ha e a lokela ho nka letho lefeng la setjhaba ka ho se hatella. E tla abela bara ba yona lefa leo e leng la yona, e le hore ho se be motho wa setjhaba sa ka ya ka falatswang.’ ”


Yaba Saule o re ho bahlanka ba hae ba mo potapotileng: “Mamelang, lona Babenjamine! Na ebe mora eo wa Jese o tla nea e mong le e mong wa lona masimo le dirapa tsa morara? Na lona bohle o tla le etsa balaodi ba ba dikete, le balaodi ba ba makgolo,


E tla nka baradi ba lona hore ba e etsetse sente e monko o monate, ba e phehele, ba e bakele bohobe.


E tla nka karolo e le nngwe ho tse leshome tsa koro ya lona le tsa morara wa lona, e e nee balaodi ba yona le bahlanka ba yona.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos