Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




1 Samuele 7:17 - BIBELE

17 O ne a ye a kgutlele Rama, hobane ke moo a neng a ahile teng, mme a ahlolele Baiseraele hona teng. Hona moo a hahela Morena aletare.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

17 O ne a kgutlela Rama, moo ntlo ya hae e neng e le teng. Le teng, a nna a ahlolela Iseraele, a ba a hahela Jehova aletare teng.

Ver Capítulo Copiar




1 Samuele 7:17
18 Referencias Cruzadas  

A haha aletare teng, a e bitsa Modimo, Modimo wa Iseraele.


A haha aletare hona teng, mme sebaka seo a se rea lebitso la Modimo wa Bethele, hobane ke moo Modimo a ileng a iponahatsa ho yena teng, ha a ne a baleha ngwanabo Esau.


Ha se etswa lekgalong sa re: “Bosiung bona ke tla ya emisa Gobe.” Rama e tetemisa dirope, e a thothomela, Gibea ya Saule yona e a baleha.


Debora o ne a ye a dule tlasa sefate sa hae sa palema, pakeng tsa Rama le Bethele, naheng e maralla ya Efraime. Bana ba Iseraele ba ne ba ye ba ye ho yena ho ya ahlolelwa.


Gideone a hahela Morena aletare moo, mme a e rea lebitso la “Morena ke kgotso”. Le kajeno-ya-bokajeno e ntse e le teng sebakeng se bitswang Ofera, seo e leng sa Baabiesere.


Ho ne ho ena le monna e mong wa Ramataime-Sofime, wa naha e maralla ya Efraime. Lebitso la hae e ne e le Elekana, mora wa Jerohame, Jerohame mora wa Elehu, Elehu mora wa Tohu, Tohu mora wa Sufe, wa morabe wa Efraime.


Bo-Elekana le Anna ba tsoha ka madungwadungwana, ba kgumamela Morena, ba kgutla, mme ba fihla tlung ya bona e Rama. Elekana a kena dikobong tsa Anna, mohatsa hae, mme Morena a mo hopola.


Setjhaba sohle sa ya Gilegale, mme moo Morena a ntseng a bona, sa bea Saule hore e be kgosi. Sa etsetsa Morena mahlabelo a nyehelo ya teboho hona moo. Saule le banna bohle ba Iseraele ba nyakalla haholo.


Saule a hahela Morena aletare. Ya eba yona aletare ya pele eo a e hahelang Morena.


Yaba Samuele o ikela Rama. Saule yena a ikela tlung ya hae e Gibea, motseng wa Saule.


Elekana a kgutlela Rama, tlung ya hae, mme moshanyana a sala a sebeletsa Morena, kapele ho moprista Eli.


Hoba Samuele a shwe, mme Baiseraele bohle ba mo llele, ba mo epela Rama, motseng wa habo. Saule o ne a ile a leleka dinohe le mathuela kahara naha.


Jwale baholo bohle ba Baiseraele ba bokana, ba tla ho Samuele a le Rama.


Basetsana ba ba araba, ba re: “Se teng. Se ka mono kapele ho lona. Potlakang; se fihlile hona kajeno motseng ona, hobane hona kajeno setjhaba se ilo etsetswa sehlabelo aletareng e hodima leralla.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos